LA 2-29 MAY, 2016

Download Report

Transcript LA 2-29 MAY, 2016

MAR CH 2 0 16
34567
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG KA:
LA 2 - 29 MAY, 2016
ˇ
ˇ
SETSOANTSO SE SEKOAHELONG:
BAAHI
BELGIUM
11 132 269
Ho hahoa Holo ea ’Muso ea Wijnegem seterateng se
phetheselang se motseng oa Antwerp. Batho ba feˇ
tang seterateng sena ba ka bona letsoao la JW.ORG
le behiloeng ha ho ne ho qaloa ho hahoa
BAHOELETSI
25 839
BA BILENG TENG
SEHOPOTSONG (KA 2014)
44 635
TSE KA HARE
3
Na U ka Thusa Phuthehong ea Heno?
24
6
12
BEKE EA LA 2-8 MAY
BEKE EA LA 9-15 MAY
Kaha re bahlanka ba Jehova, rea thaba ha re bona
batho ba ka bang 250 000 baa kolobetsoa selemo
le selemo. Boholo ba bona ke bacha ba ntseng ba le
tlaase lilemong. Ke eng e ba kholisitseng hore ba se
ba loketse ho kolobetsoa? Ba entse’ng e le hore ba
ˇ
tsoanelehe ho nka bohato boo? Lihlooho tsena tse
peli li tla araba lipotso tsena.
Jehova o Tataisa Batho ba Hae ho ba
Lebisa Bophelong
Haesale Jehova a tataisa batho ba hae. Sehloohong
ˇ
sena re tl’o tsohla kamoo Molimo a ’nileng a fana ka
litaelo tse ncha kateng ha maemo a batho ba hae a
ˇ
ntse a fetoha. Re tla boela re bone kamoo re ka itsetlehang ka Jehova kateng hore a re tataise.
Bacha, na le se le Loketse ho
Kolobetsoa?
Bacha, le ka Etsa’ng e le Hore le
Itokisetse ho Kolobetsoa?
BEKE EA LA 23-29 MAY
29
LIPOTSO TSE TSOANG HO BABALI
18
BEKE EA LA 16-22 MAY
U ka Tlatsetsa Joang ho Matlafatseng
¯
Bonngoe ba Rona ba Bokreste?
Jehova oa re hlohonolofatsa ha re sebelisana ’moho
ho etsa thato ea hae. Sehloohong sena re tl’o fumana likeletso tse tla re thusa ho momahana mosebetsing oa boboleli, ka phuthehong le ka lapeng.
Makasine ena ha e rekisoe.
Ho hatisoa ha eona ke karolo
ea mosebetsi oa ho ruta
ˇ
Bibele o etsoang lefatseng
ˇ
lohle o tsehetsoang ka
menehelo ea boithatelo.
U ka kena websaeteng ea
www.jw.org ha u batla ho
ˇ
ntsa monehelo.
34567
ˇ
Ntle le ha ho bontsitsoe Bibele e
’ngoe, Mangolo a qotsitsoe Phetoleˇ
long ea Lefatse le Lecha ea puo ea
kajeno. Moo NW e tlang ka mor’a taba
ˇ
e qotsitsoeng, seo se bontsa hore
phetolelo e tsoa ho New World Translation of the Holy Scriptures—With
References ea puo ea Senyesemane.
March 2016
Vol. 137, No. 5 SESOTHO (LESOTHO)
The Watchtower (ISSN 0043-1087) Issue 5 March 2016 is published monthly with an additional
issue published in January, March, May, July, September, and November by Watchtower Bible
and Tract Society of New York, Inc.; L. Weaver, Jr., President; G. F. Simonis, SecretaryTreasurer; 1000 Red Mills Road, Wallkill, NY 12589-3299, and printed by Watch Tower Bible and
Tract Society of South Africa NPC, 1 Robert Broom Drive East, Rangeview, Krugersdorp, 1739.
5 2016 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Printed in South Africa.
Na U ka Thusa
Phuthehong ea Heno?
PELE Jesu a khutlela leholimong, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le
¯
Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hole¯
ˇ
hole ea lefatse.” (Liketso 1:8) Ba ne ba tla khona ho
etsa see joang?
Moprofesa Martin Goodman oa Univesithi ea
Oxford, o re “tsela eo Bakreste ba neng ba etsa lintho ka eona pusong ea Roma e ne e ba khetholla
ho batho ba malumeli a mang, ho akarelletsa le Baˇ
juda.” Jesu o ne a ruta batho libakeng tse sa tsoaneng. Bakreste ba ’nete ba lokela ho mo etsisa ’me
ba bolele “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo”
libakeng tsohle. Ba lokela ho batla batho ba thabelang ho tseba ’nete. (Luka 4:43) Ke kahoo mehleng
ea Jesu, ho neng ho e-na le “baapostola,” e leng lentsoe le bolelang ba rometsoeng ho ea phetha mosebetsi o itseng. (Mareka 3:14) Jesu o ile a laela balateli ba hae, a re: “E-eang ’me le etse batho ba
lichaba tsohle barutuoa.”—Matheu 28:18-20.
Baapostola ba 12 ba Jesu ha ba sa le eo lefaˇ
tseng, leha ho le joalo ho na le bahlanka ba bangata
¯
ba Jehova ba etsisang mohlala oa bona. Ha ba kopuoa ho ea moo ho nang le tlhokahalo, ba re: “Ke
’na enoa! Roma ’na.” (Esaia 6:8) Ba bang joaloka ba
likete ba tsoang Sekolong sa Gileade, ba ile lina¯
heng tse hole. Ba bang ba faletse likarolong tse ling
linaheng tsa habo bona. Ba bangata ba ithutile puo
e ’ngoe e le hore ba thuse phutheho kapa sehlopha
Leka ho lemoha hore na u ka etsa’ng e le hore u thuse
¯
ˇ
bara le barali babo rona, u ba tsehetse le ho ba
khothatsa ka Bibele
3
se itseng. Ka linako tse ling ha ho bonolo, empa
¯
ˇ
bara le barali bana babo rona baa itela ho bontsa
hore ba rata Jehova le batho. Kahoo, ba rera lintho
ka hloko ’me ba sebelisa nako, matla le chelete ea
bona ho bolela litaba tse molemo moo ho nang le
tlhokahalo. (Luka 14:28-30) Seo bara le barali bana
¯
babo rona ba se etsang sea babatseha.
Hase bohle ba ka khonang ho ea moo ho nang le
tlhokahalo kapa hona ho ithuta puo e ’ngoe. Empa
¯
kaofela ha rona re ka ba joaloka baromuoa liphuthe¯
hong tsa habo rona.
E-BA MOROMUOA PHUTHEHONG EA HENO
Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ne ba
chesehela ho bolela litaba tse molemo, le hoja ba
bangata ba bona e ne e se baromuoa. Pauluse o ile
a re ho Timothea: “U etse mosebetsi oa moevangeli, u phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.” (2 Timothea 4:5) Sena ke seo Bakreste ba mehleng ea baapostola ba neng ba lokela ho se etsa ’me ke seo le
¯
rona re lokelang ho se etsa kajeno. Bakreste bohle
ba lokela ho mamela taelo ea hore ba bolele litaba
tse molemo ’me ba etse batho barutuoa. Ho na le li-
Ha ho khoneha . . .
4
MOLULA-QHOOA
tsela tse ngata tseo re ka etsisang baromuoa ka
¯
tsona, re ntse re le liphuthehong tsa habo rona.
Ka mohlala, ha baromuoa ba fihla naheng e ’ngoe
ba tlameha ho ikamahanya le maemo a macha. Esita le haeba re ke ke ra fallela libakeng tseo ho nang
le tlhokahalo, na re ka batla litsela tse ling tseo re ka
pakelang batho ka tsona? Ka mohlala, ho qala ka
¯
1940 barab’abo rona ba ile ba khothalletsoa hore
ba etse mosebetsi oa seterateng hanngoe ka beke.
Na u kile ua leka ho paka seterateng? Na u kile ua
sebelisa toroli e behang lingoliloeng? Seo lipotso
tsena li se hatisang ke hore, na u ikemiselitse ho
leka litsela tse ncha tsa ho bolela litaba tse molemo?
Haeba u na le pono e loketseng, u tla chesehela
ˇ
ˇ
tsebeletso ea tsimo. Bahoeletsi ba fallelang moo ho
nang le tlhokahalo teng kapa ba ithutang puo e
’ngoe hangata ke ba chesehang le ba ka khonang
ho thusa liphutheho. Ka mohlala, ba etella pele mosebetsing oa boboleli. Baromuoa le bona ba etella
¯
pele ka phuthehong ho fihlela barab’abo rona ba
ˇ
moo ba tsoaneleha ho jara boikarabelo. Haeba u
¯
mor’abo rona ea kolobelitsoeng, na u “hahamalla”
ˇ ba khothalletse hore ba ‘etse mosebetsi
oa boevangeli’
¯
Re ka thusa bara le barali babo rona ka litsela
¯
tse ling. Kaofela ha rona, re ka ba “thuso e matla¯
fatsang” ho ba balumeli-’moho le rona.—Bakolose
4:11.
¯
E le hore re thuse bara le barali babo rona ho hlokahala hore re ba tsebe hantle. Bibele e re khotha¯
lletsa hore ha re e-na le bara le barali babo rona “re
nahanelaneng,” ka mantsoe a mang re nahane ka lintho tseo ba li hlokang. (Baheberu 10:24) Sena ha
ˇ
ˇ
se bolele hore re lokela ho itsunya-tsunya litabeng
tsa bona. Ho e-na le hoo, re lokela ho leka ho utloisisa seo ba se hlokang. Mohlomong ba hloka ho thuˇ
soa ka lintho tse itseng, ho tsehetsoa kapa ho khothatsoa ka Bibele. Ke ’nete hore maemong a mang,
ke baholo le bahlanka ba sebeletsang feela ba ka
khonang ho ba thusa. (Bagalata 6:1) Empa kaofela
¯
ha rona re ka khona ho thusa bara le barali babo
¯
¯
rona ba holileng kapa malapa a nang le mathata.
¯
Barab’abo rona ba ile ba thusa Salvatore. O ile a
tlameha ho rekisa khoebo ea hae, ntlo ea hae le lintho tse ling tse ngata ka lebaka la mathata a licheˇ
lete. O ne a tsoenyehile haholo ka ba lelapa la hae.
Lelapa le leng ka phuthehong ea habo le ile la hlokomela hore ba hloka thuso. Le ile la fa Salvatore chelete ’me la mo thusa hore eena le mosali oa hae ba
fumane mosebetsi. Le ne le lula le ba etela mantsiboea ho ea ba mamela le ho ba khothatsa. E ile ea
e-ba metsoalle e meholo. Hona joale malapa ao aa
thaba ha a hopola nako eo a neng a e qeta a le hammoho le hoja ho ne ho le thata.
Bakreste ba ’nete ha ba leqe ho bolella ba bang
seo ba se lumelang. Re lokela ho etsisa Jesu ’me
re bolelle batho bohle lintho tse babatsehang
ˇ
tseo Molimo a tsepisang ho li etsa. Ebang re ka
khona ho fallela moo ho nang le tlhokahalo kapa
che, kaofela re ka leka kahohle ho thusa balume¯
¯
li-’moho le rona liphuthehong tsa habo rona. (Bagalata 6:10) Ha re ba thusa, re tla thaba ’me re
tla “tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o
mong le o mong o molemo.”—Bakolose 1:10; Liketso
20:35.
ˇ ba thuse ka lintho tseo ba li hlokang
ˇ
ˇ ba tsehetse ha ba e-na le mathata
ho ba mohlanka ea sebeletsang kapa moholo, e le
¯
hore u thuse bara le barali babo rona phuthehong
ea heno?—1 Timothea 3:1.
MATLAFATSA BA BANG
Bacha
Na le se le Loketse
ho Kolobetsoa?
¯ ea batlang ho haha tora ea sa luleng
“Ke mang ho lona
ˇ pele ’me a bale litsenyehelo,
ˇ
fatse
ho bona haeba a e-na le
ho lekaneng ho e phetha?”—LUKA 14:28.
LIPINA: 120, 64
U ITHUTILE ENG?
¯
Ho hola tsebong ke eng, hona
ˇ
Daniele o ile a bontsa see
joang?
U ka tseba joang hore u hlile
u batla ho kolobetsoa?
Ho inehela ho Jehova ho bolela’ng, hona ho amana joang
le kolobetso?
6
MOHOLO e mong o ile a re ho Christopher ea lilemo li 12:
“Ke u tsebile ho tloha ha u hlaha, ’me ke thabile haholo ho
utloa hore u batla ho kolobetsoa. Empa e re ke u botse,
‘Ke hobane’ng ha u batla ho kolobetsoa?’ ” Moholo eo o
ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho botsa potso eo. Rea
thaba ha re bona bacha ba likete ba kolobetsoa selemo le
selemo. (Moeklesia 12:1) Empa batsoali le baholo ka phuthehong ba batla ho netefatsa hore ke mocha ea entseng
qeto eo le hore o oa utloisisa hore na ho kolobetsoa ho bolela’ng.
ˇ hore Mo2 Bibele e re boinehelo le kolobetso li bontsa
kreste o qala bophelo bo bocha. Bophelo bona bo bocha
1, 2. (a) Bahlanka ba Molimo ba thabisoa ke’ng kajeno? (b) Batsoali
ba Bakreste le baholo ba ka thusa bacha joang hore ba utloisise se boleloang ke ho kolobetsoa?
Sehlooho sena le se latelang li ngoletsoe bacha ba batlang
ho kolobetsoa
bo tla mo tlisetsa litlhohonolofatso tse
tsoang ho Jehova, empa bo tla boela
bo be le liteko tse tsoang ho Satane.
(Liproverbia 10:22; 1 Petrose 5:8) Ke
kahoo batsoali ba Bakreste ba lokelang
ho ipha nako ea ho ruta bana ba bona
hore na ha e le hantle ho ba morutuoa
oa Kreste ho bolela’ng. Hape ke boikarabelo ba baholo ka phuthehong ho
thusa bacha bao batsoali ba bona e
seng Bakreste, hore ba utloisise hantle
se boleloang ke ho inehela le ho kolobetsoa. (Bala Luka 14:27-30.) Feela joalokaha motho a hloka ho hlophisa lintho hantle e le hore a qete ntlo eo a e
hahang, bacha le bona ba lokela ho
itlhopha hantle pele ba kolobetsoa e le
ˇ
hore ba ka sebeletsa Jehova ka botsepehi “ho isa bofelong.” (Matheu 24:13)
Ke eng e ka u thusang hore u ikemisetse ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng? A re ke re boneng.
3 Na u mocha ea batlang ho kolobetsoa? Haeba ho joalo, seo ke sepheo se
¯ o¯ ho ba Paki ea
setle! Ke tlotla e khol
Jehova e kolobelitsoeng. Kolobetso ke
mohato oa bohlokoa oo Mokreste e
mong le e mong a lokelang ho o nka le o
hlokahalang e le hore motho a pholohe
ˇ
3. (a) Mantsoe a Jesu le a Petrose a bontsa
bohlokoa ba kolobetso joang? (Matheu 28:19,
ˇ
20; 1 Petrose 3:21) (b) Re tl’o tsohla lipotso life,
hona hobane’ng?
ˇ
matsoenyeho
a maholo. (Matheu 28:
19, 20; 1 Petrose 3:21) Ha u kolobetsoa
ˇ hore u tsepisitse
ˇ
u bontsa
Jehova hore
u tla mo sebeletsa ka ho sa feleng. Haeˇ
ba u hlile u batla ho phetha seo u se tsepisitseng, ipotse lipotso tse latelang ho
bona hore na u se u loketse ho kolobe¯
tsoa: (1) Na ke holile
ka ho lekaneng
hore ke iketsetse liqeto? (2) Na ke labalabela ho kolobetsoa? (3) Na kea utloisisa hore na ho inehela ho Jehova ho
ˇ
bolela’ng? A re ke re tsohleng
lipotso
tsena.
¯
HA U SE U HOLILE KA HO LEKANENG
4
Bibele ha e re motho o lokela ho kolobetsoa ha a se a le moholo kapa ha a
se a fetile lilemo tse itseng feela. Liproverbia 20:11 e re: “Esita le ka liketso tsa
hae moshanyana o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa
hae o hloekile ’me o lokile.” Kahoo esita le ngoana a ka utloisisa se boleloang
ke ho etsa se nepahetseng ’me a inehe¯ oa hae. Ka hona, kolobetso
la ho ’Mopi
ke mohato oa bohlokoa le o loketseng
oo mocha a lokelang ho o nka ho boˇ hore o holile
¯
ntsa
tsebong le hore o inehetse ho Jehova.—Liproverbia 20:7.
¯ tsebong ho bolela’ng? Hase
5 Ho hola
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha ho sa kolobetsoe
¯
batho ba baholo feela? (b) Ho hola tsebong ho
bolela’ng?
MARCH 2016
7
¯
Mocha ea holileng tsebong ha a iketse motsoalle oa Molimo ha a le Holong ea ’Muso
ˇ
empa ha a fihla sekolong a iketse motsoalle oa lefatse
(Sheba serapa sa 8)
kamehla ho bolelang hore motho o se a
¯
holile
lilemong. Bibele e re batho ba
¯
holileng tsebong ke bao “matla a bona
a ho lemoha” a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng ho se fosahe¯
tseng. (Baheberu 5:14) Motho ea holileng tsebong o tseba se nepahetseng
’me o khetha ho se etsa. Kahoo, a ke
ke a susumetsoa habonolo hore a etse
se fosahetseng. Ho feta moo, ha a emele hore a bolelloe hore na se nepahetseng ke sefe. Ke ho utloahalang ho lebella hore mocha ea kolobelitsoeng o
tla etsa se nepahetseng, esita le ha batsoali ba hae kapa batho ba bang ba baholo ba le sieo.—Bapisa le Bafilipi 2:12.
ˇ ho hola
¯ tse6 Na mocha a ka bontsa
6, 7. (a) Daniele o ile a tobana le mathata afe
ˇ
ha a le Babylona? (b) Daniele o ile a bontsa
¯
joang hore o holile tsebong?
8
MOLULA-QHOOA
bong? Nahana ka mohlala oa Daniele.
Mohlomong o ne a sa le tlaase lilemong
ha a nkoa ho batsoali ba hae a isoa Baˇ
bylona. Ka tsohanyetso,
Daniele o ile a
iphumana a le har’a batho ba sa mameleng litaelo tsa Molimo. Empa a re ke re
hlahlobeng boemo boo Daniele a neng
a le ho bona. O ne a nketsoe holimo Babylona. Ke e mong oa bacha ba seng bakae ba neng ba khethiloe ka hloko hore
ba sebeletse morena. (Daniele 1:3-5,
13) Ho bonahala eka ha Daniele a le Babylona o ne a le boemong bo holimo ho
feta boo a neng a le ho bona ha a le Iseraele.
ˇ
7 Joale Daniele o ile a itsoara
joang?
Na o ile a lumella Bababylona hore ba
mo fetole kapa ba fokolise tumelo ea
hae? Che! Bibele e re ha Daniele a le Babylona, o ile “a etsa qeto ka pelong
ˇ
ea hae hore a ke ke a itsilafatsa”
ka
ntho leha e le efe e amanang le borapeli ba bohata. (Daniele 1:8) Seo se
ˇ hore o fela a holile
¯
ile sa bontsa
tsebong!
8 Re ithuta’ng mohlaleng oa Daniele?
¯
Mocha ea holileng
tsebong o tla khomarela seo a se lumelang, esita le ha a
tobane le maemo a thata. A ke ke a
ˇ
tsoana
lempetje le fetolang ’mala ho lumellana le sebaka seo le leng sona. Ha
a iketse motsoalle oa Molimo ha a le
Holong ea ’Muso empa ha a fihla sekoˇ Ho
long a iketse motsoalle oa lefatse.
ˇ
e-na le hoo, o tla lula a tsepahala
le ha
a lekoa.—Bala Baefese 4:14, 15.
9 Ke ’nete hore ha ho na motho ea
phethahetseng. Ka linako tse ling, batho ba baholo le bacha ba etsa liphoso.
(Moeklesia 7:20) Empa haeba u batla
ho kolobetsoa, u lokela ho ikemisetsa
ho mamela litaelo tsa Jehova. Ka hona
ipotse, ‘Na e se e le nako ke ntse ke
mamela litaelo tsa Jehova?’ Nahana ka
seo u ileng ua se etsa ha tumelo ea hao
e lekoa. Na u ile ua khetha ho etsa se
ˇ
nepahetseng? Na ho tsoana
le Daniele,
ho na le motho ea kileng a u khothalletsa hore u sebelise bokhoni ba hao lefaˇ
tseng
lee la Satane? Na ha u tobana le
liteko tse kang ena, u khona ho lemoha
hore na thato ea Jehova ke efe?—Baefese 5:17.
10 Ke hobane’ng ha e le habohlokoa
hore u tsebe likarabo tsa lipotso tsee?
8. Re ithuta’ng mohlaleng oa Daniele?
9, 10. (a) Ha mocha a nahana ka tsela eo a
ˇ
ileng a itsoara ka eona ha tumelo ea hae e lekoa, seo se ka ’na sa mo tsoela molemo joang?
(b) Kolobetso e bolela’ng?
¯
Mocha ea holileng
tsebong o tla khomarela
seo a se lumelang, esita
le ha a tobane le maemo
a thata
Ke hobane li tla u thusa hore u bone kamoo kolobetso e leng mohato o tebiˇ
leng kateng. Ha u kolobetsoa, u bontsa
ˇ
ba bang hore u tsepisitse
Jehova ntho
ˇ
ea bohlokoa. U mo tsepisitse hore u tla
mo rata le ho mo sebeletsa ka ho sa feleng ka pelo eohle ea hao. (Mareka 12:
30) Bohle ba kolobetsoang ba lokela ho
ˇ
ikemisetsa ho phetha seo ba se tsepisitseng Jehova.—Bala Moeklesia 5:
4, 5.
NA U LABALABELA HO KOLOBETSOA?
11
Bibele e re bahlanka bohle ba Jehova, ho akarelletsa bacha, ba tla mo
sebeletsa “ka ho rata.” (Pesaleme ea
110:3) Kahoo, motho ea batlang ho kolobetsoa o lokela ho kholiseha hore
sena ke sona seo a batlang ho se etsa.
E le hore u etse seo, ho ka ’na ha hlokahala hore u itlhahlobisise, haholo hae¯
ba u holetse
ka phuthehong.
¯
12 Ha u ntse u hola,
e ka ’na eaba u
bone batho ba bangata ba kolobetsoa,
mohlomong ho akarelletsa metsoalle
ea hao le banab’eno. Empa u lokela ho
11, 12. (a) Ha motho a batla ho kolobetsoa, o
lokela ho kholiseha ka eng? (b) Ke’ng e tla u thusa hore u talime kolobetso ka tsela eo Jehova a
e talimang ka eona?
MARCH 2016
9
ba hlokolosi hore u se ke ua batla ho
kolobetsoa hobane feela u se u le lilemong tse itseng, kapa hobane lithaka
tsa hao li kolobetsoa. U ka netefatsa
joang hore u talima kolobetso ka tsela
eo Jehova a e talimang ka eona? Iphe
nako ea ho nahana ka hore na ke hobane’ng ha kolobetso e le mohato oa bohlokoa. Sehloohong sena le se latelang
ˇ
re tlil’o tsohla
mabaka ao.
13 Tsela e ’ngoe eo u ka tsebang ka
eona hore na u hlile u batla ho kolobetsoa, ke ka ho hlahloba lithapelo tsa
hao. U buisana le Jehova ka thapelo ka
makhetlo a makae? Lithapelo tsa hao li
tobile hakae? Likarabo tsa lipotso tseˇ hore u na le
na li ka ’na tsa bontsa
kamano e haufi le Jehova kapa che.
(Pesaleme ea 25:4) Maemong a manga¯
ta Jehova o araba lithapelo tsa rona
ka
Bibele. Tsela e ’ngoe eo u ka tsebang ka
eona haeba u hlile u batla ho ba le kamano e ntle le Jehova le ho mo sebeletsa ho tsoa pelong ke ka ho hlahloba
kemiso ea hao ea ho ithuta Bibele.
(Joshua 1:8) Ipotse: ‘Ke ithuta Bibele
khafetsa hakae? Na ke ithaopela ho kopanela borapeling ba lelapa?’ Tsela eo u
arabang lipotso tsena ka eona e tla u
thusa hore u tsebe haeba ehlile u labalabela ho kolobetsoa.
Bacha ba bang e ka ’na eaba ha ba
tsebe phapang pakeng tsa boinehelo le
kolobetso. Mohlomong ba bang ba ipo-
lella hore ba se ba ntse ba inehetse ho
Jehova, empa ha ba e-s’o lokele ho kolobetsoa. Empa na see ke se ka etsahaˇ
lang? Ha u inehela ke ha u rapela, u tsepisa Jehova hore u tla mo sebeletsa ka
ho sa feleng. ’Me ha u kolobetsoa, u boˇ ba bang hore u se u ntse u inehetse
ntsa
ho Jehova. Kahoo, pele u kolobetsoa u
lokela ho utloisisa hore na ho inehela
ho Molimo ho bolela’ng.
15 Ha u inehela ho Jehova, u ua mo
bolella hore joale u ikemiselitse ho mo
ˇ
sebeletsa ka ho sa feleng. U mo tsepisa
hore ho mo sebeletsa e tla ba hona ho
tlang pele bophelong ba hao. (Bala
ˇ
Matheu 16:24.) Eo ke tsepiso
e tebiˇ
leng! (Matheu 5:33) Joale u ka bontsa
joang hore ua elelloa hore ha u sa iphelela empa u se u phelela Jehova?—Baroma 14:8.
16 A re re ka mohlala, motsoalle oa
hao o u fa koloi. O u fa lipampiri tsa koloi ’me o re: “Ke u fa koloi ke ena.”
Empa ebe joale o re: “Linotlolo tsona
ˇ
ke tla li tsoara.
Ke ’na ea tla e khanna,
eseng uena.” U ne u ka ikutloa joang ka
mpho ee? Hona u ne u tla ikutloa joang
ka motsoalle eo oa hao?
17 Ha motho a inehela ho Jehova, o re
ho eena: “Ke u fa bophelo ba ka. Ke
ikemiselitse ho u phelela.” Jehova o
na le tokelo ea ho lebella hore motho
ˇ
eo a phethe seo a se tsepisitseng.
Empa
ho etsahala’ng haeba motho eo a qala
ho se mamele Jehova ka hore a ratane
ka sekhukhu le motho ea sa sebele-
13. U ka tseba joang haeba u hlile u batla ho kolobetsoa?
14. Phapang ke efe pakeng tsa boinehelo le kolobetso?
15. Ho inehela ho bolela’ng?
ˇ
16, 17. (a) Fana ka mohlala o bontsang hore
na ho itatola ho bolela’ng. (b) Ha motho a ineˇ
hela o tsepisa Molimo eng?
SE BOLELOANG KE BOINEHELO
14
10
MOLULA-QHOOA
tseng Molimo? Kapa a nka mosebetsi o
ˇ
mo sitisang ho kopanela tsebeletsong
ˇ
ea tsimo le o etsang hore a fose liboka?
Motho eo o tla be a sa phethe seo a se
ˇ
ˇ
tsepisitseng
Jehova. O tla be a tsoana
ˇ
le motho eloa ea tsoarang
linotlolo tsa
koloi. Ha re inehela ho Jehova, re re ho
eena, “Ke ikemiselitse ho u phelela,
eseng ho iphelela.” Kahoo, re tla lula
re etsa seo Jehova a batlang hore re
¯
se etse, esita le haeba e se seo rona
re
batlang ho se etsa. A re etsiseng Jesu
ea ileng a re: “Ha kea theoha leholimong ho tla etsa thato ea ka, empa ho
etsa thato ea ea nthomileng.”—Johanne 6:38.
18 Ho hlakile hore kolobetso ke moha¯ o¯ ho
to oa bohlokoa. Ke tlotla e khol
inehela ho Jehova le ho kolobetsoa.
Bacha ba ratang Jehova le ba utloisisang hore na ho inehela ho Molimo ho
bolela’ng ha ba tsilatsile ho inehela le
ho kolobetsoa. Ha ba ikoahlaele qeto
eo ba e entseng. Mocha e mong ea bi18, 19. (a) Mantsoe a Rose le Christopher a
ˇ
bontsa joang hore ho kolobetsoa ke tlotla ebile
ho tlisa litlhohonolofatso? (b) U ikutloa joang ka
tlotla ea ho kolobetsoa?
TLHALOSO EA
MANTSOE
Kolobetso ke mohato
oa bohlokoa ebile ke
¯ ¯
tlotla e kholo
tsoang Rose ea kolobelitsoeng, o re:
“Ke rata Jehova, ’me ha ho letho le
nthabisang joaloka ho mo sebeletsa.
Ke kholisehile ka ho feletseng hore ke
entse qeto e nepahetseng ka hore ke
kolobetsoe.”
19 Christopher eo ho buuoeng ka eena
qalong ea sehlooho see o re’ng? O ikutloa joang ka qeto eo a ileng a e etsa ea
hore a kolobetsoe a le lilemo li 12? O re
o thabile haholo hore ebe o ile a etsa
qeto eo. E bile pula-maliboho oa kamehla ha a le lilemo li 17, ’me ea e ba
mohlanka ea sebeletsang ha a le lilemo li 18. Hona joale o sebeletsa Bethele. O re: “Ke entse qeto e nepahetseng
ka hore ke kolobetsoe. Ke thabela ho
sebeletsa Jehova le mokhatlo oa hae.”
Haeba u batla ho kolobetsoa, u lokela
ˇ
ho etsa’ng? Re tla tsohla
potso ena sehloohong se latelang.
‘Matla a ho lemoha’:
Ke bokhoni ba ho utloisisa phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng, ebe motho o khetha ho etsa se nepahetseng. Mokreste ea nang le temoho o etsa liqeto tse
tla mo thusa hore a matlafatse kamano ea hae le Molimo
Bacha
Le ka Etsa’ng e le Hore le
Itokisetse ho Kolobetsoa?
“Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka.”
—PESALEME EA 40:8.
LIPINA: 51, 58
U KA ARABA JOANG?
Ho ‘susumelletsoa ho lumela’
ho bolela’ng?
‘Liketso tse halalelang tsa
ˇ
boitsoaro le liketso tsa boinehelo ba bomolimo’ ke eng?
Ho nahanisisa ka thekollo
ho ka u thusa joang hore u
ananele seo Jehova a re etselitseng sona?
12
NA U mocha ea ntseng a nahana ka ho kolobetsoa? Haeba
ho joalo, u nahana ka ntho ea bohlokoa haholo. Joalokaˇ
ha ho bontsitsoe
sehloohong se fetileng, kolobetso ke taba
ˇ ba bang hore u inehee tebileng. Ha u kolobetsoa u bontsa
ˇ
tse ho Jehova, ka mantsoe a mang, u mo tsepisitse
ho mo
sebeletsa ka ho sa feleng le hore u nka ho etsa thato ea hae
e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao.
ˇ
Kaha ho etsa tsepiso
e joalo ho Molimo ke taba e tebileng,
¯
u lokela ho e etsa ha u se u holile
ka ho lekaneng tsebong
’me u utloisisa hantle se boleloang ke ho inehela ho Molimo.
2 Leha ho le joalo, mohlomong u ikutloa eka ha u e-s’o lokele ho kolobetsoa. Kapa mohlomong u utloa eka u se u
loketse empa batsoali ba hao ba nka hore u lokela ho ema
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha kolobetso e le taba e tebileng? (b) U lokela
ho ikemisetsa ho etsa’ng, hona hobane’ng?
ho fihlela u se u le moholo. Joale u lokela ho etsa’ng? U se ke ua nyahama. Ho
e-na le hoo, sebelisa nako ena ho intlaˇ
fatsa e le hore u ka tsoaneleha ho kolobetsoa. U ka ikemisetsa: (1) ho matlafatsa tumelo ea hao, (2) ho ntlafatsa
ˇ kananeliketso tsa hao le (3) ho bontsa
lo haholoanyane.
MATLAFATSA TUMELO EA HAO
3
Ak’u nahane hore na u ka araba lipotso tsena joang: Ke hobane’ng ha ke lumela hore Molimo o teng? Ke eng e
nkholisang hore Bibele ke Lentsoe la
Molimo? Ke hobane’ng ha ke phela ka
melao-motheo ea Bibele, ho e-na le ho
latela bongata? Lipotso tsena li ka u
thusa hore u latele keletso ea moapostola Pauluse e reng: ‘Ipakele e le uena
thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’ (Baroma
12:2) Ke hobane’ng ha u lokela ho etsa
seo?
4 Mohlala oa Timothea o ka u thusa.
O ne a tseba Mangolo hantle kaha ’me`
oa hae le nkhono oa hae ba ne ba mo rutile ’ona. Leha ho le joalo, Pauluse o ile
a re ho Timothea: “U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le
tseo u ileng ua susumelletsoa hore u
li lumele.” (2 Timothea 3:14, 15) Lentsoe le fetoletsoeng e le ho “susumelletsoa” mona le bolela “ho kholiseha hore
taba e itseng ke ’nete.” Kahoo Timothea
o ne a lokela ho kholiseha hore seo a
ithutileng sona Mangolong ke ’nete. Ha
aa ka a lumela feela seo ’me` oa hae le
nkhono oa hae ba mo bolellang sona,
3, 4. Bacha ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Timothea?
empa o ile a nahanisisa ka lintho tseo a
ithutileng tsona ’me tsa mo susumetsa.
—Bala Baroma 12:1.
5 Uena u re’ng ka taba ee? Mohlomong
e se e le nako e telele u tseba ’nete ea Bibele. Haeba ho joalo, nahanisisa hore
na ke hobane’ng ha u e lumela. Seo se
tla matlafatsa tumelo ea hao le ho u thusa ho qoba ho etsa liqeto tse fosahetseng ka lebaka la khatello ea lithaka, ho
latela bongata, kapa ho khannoa ke
maikutlo.
Timothea o ile a
nahanisisa ka lintho
tseo a ithutileng tsona
’me tsa mo susumetsa
6
Ha u ithuta ho sebelisa ‘matla a hao
a ho nahana,’ u tla khona ho araba lipotso tseo lithaka tsa hao li u botsang tsona tse kang: ‘Ke hobane’ng ha u kholisehile hore Molimo o teng? Haeba
Molimo o oa re rata, ke hobane’ng ha a
lumella hore re hlaheloe ke lintho tse
bohloko? Na ke ’nete hore Molimo haesale a le teng?’ Ha u itokisitse hantle, lipotso tsena li ke ke tsa u bakela lipelaelo ka seo u se lumelang, empa li tla etsa
hore u batle ho ithuta Bibele le ho
feta.
7 Ho ipha nako ea ho ithuta ho tla u
5, 6. Ke hobane’ng ha u lokela ho ithuta ho sebelisa ‘matla a ho nahana’ ho tloha bocheng?
7-9. Hlalosa hore na lihlooho tsa “Ke’ng Seo Bibele e se Rutang?” tse websaeteng, li ka u thusa joang hore u matlafatse tumelo ea hao.
MARCH 2016
13
Tse nkiloeng lihloohong tsa Tsoha!
tsa “Bacha Baa Botsa”
ˇ “Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Rapelang ka
Eona Joang?”—November 2008
ˇ “Nka Etsa Joang Hore ke Natefeloe ke ho
Bala Bibele?”—April 2009
ˇ “Na Kea Itseba?”—October 2011
ˇ “Nka Etsa’ng e le Hore ke Thabele ho Ithuta Bibele?”—February 2012
ˇ “Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ea Libokeng Tsa Bokreste?”—April 2012
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
LIHLOOHO TSE KA U THUSANG HORE U HATELE PELE
Tse nkiloeng bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa
—Likarabo Tse Sebetsang
BUKA EA 1
BUKA EA 2
ˇ “Nka Etsa’ng Hore ke Thabele ho Sebeletsa Molimo?”
—khaolo ea 38
ˇ
ˇ “Ke Hobane’ng ha ke Tsaba
ho Paka Sekolong?”—khaolo
ea 17
ˇ “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Phela ka Melao ea
Bibele?”—khaolo ea 34
thusa ho araba lithaka tsa hao, ho tlosa
lipelaelo le ho matlafatsa tumelo ea
hao. (Liketso 17:11) Re na le lingoliloeng tse ngata tse ka u thusang. Bacha
ba bangata ba thusitsoe ke bukana ea
The Origin of Life—Five Questions Worth
Asking le buka ea Is There a Creator Who
Cares About You? Ba bang ba thusitsoe
ke lihlooho tsa “Ke’ng Seo Bibele e se
Rutang?” tse ho jw.org/st. U ka li fumana tlas’a LITHUTO TSA BIBELE. Lihlooho tsena li etselitsoe hore li u thuse
ho matlafatsa tumelo ea hao lithutong
tsa Bibele.
8 Kaha u ntse u ithuta Bibele, e ka ’na
eaba u se u ntse u tseba likarabo tsa lipotso tse ling tse botsitsoeng lihloohong tseo. Empa na u kholisehile ka likarabo tseo? Lihlooho tseo li tla u thusa
hore u nahanisise ka litemana tse ’maloa, li be li u khothalletse ho ngola mabaka a u kholisang. Seo se tla u thusa hore u tsebe hore na u ka hlalosetsa
ba bang seo u se lumelang joang. Hae14
MOLULA-QHOOA
ˇ “Nka ba Motsoalle oa Molimo Joang?”—khaolo ea 35
ˇ “Na ke Lokela ho Kolobetsoa?”—khaolo ea 37
ba u khona ho bala lihlooho tsena tsa
“Ke’ng Seo Bibele e se Rutang?” websaeteng, u ka li sebelisa nakong eo u
ithutang Bibele ’me li tla u thusa ho matlafatsa tumelo ea hao.
9 U lokela ho ikholisa hore lintho tsena ke ’nete. Seo se tla u thusa hore u lo¯
kele ho kolobetsoa. Morali’abo rona
e mong ea lilemong tsa bocha, o re:
“Pele ke etsa qeto ea ho kolobetsoa, ke
ile ka ithuta Bibele ’me ka hlokomela
hore bona ke bolumeli ba ’nete. Tumelo
ea ka e matlafala le ho feta letsatsi ka
leng.”
NTLAFATSA LIKETSO TSA HAO
10
Bibele e re: “Tumelo, le eona, ha e
se na mesebetsi, e shoele.” (Jakobo 2:
17) Haeba u e-na le tumelo e tiileng, u
ˇ ka liketso. U tla etsa seo Bitla e bontsa
bele e reng ke ‘liketso tse halalelang tsa
10. Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho lebella hore Mokreste ea kolobelitsoeng a etse lintho tse lumellanang le seo a se lumelang?
ˇ
boitsoaro
le tsa boinehelo ba bomolimo.’—Bala 2 Petrose 3:11.
ˇ
11 ‘Liketso tse halalelang tsa boitsoaro’ ke eng? Ke ha motho a etsa lintho tse
nepahetseng mahlong a Molimo, a boˇ hore u itsoere
ˇ
ntsa
hantle. Ka mohlala,
nahana ka lintho tseo u li entseng liˇ
khoeling tse tseletseng
tse fetileng. Ha
u ne u lekeha ho etsa ntho e fosahetseng, na u ile ua nahanisisa ka melaomotheo e re tataisang ho khetha pakeng
tsa se nepahetseng le se fosahetseng?
(Baheberu 5:14) Na u hopola makhetlo
ao u sa kang ua inehela tekong kapa khatellong ea lithaka? Ha u le sekolong, na
ˇ
ˇ
u itsoere
hantle? Na u lula u tsepahala
ˇ
ho Jehova, kapa u itsoara joaloka liithuti-’moho le uena e le hore li se ke tsa u
soma? (1 Petrose 4:3, 4) Ke ’nete hore
kaofela ha rea phethahala. Ka linako tse
ling, esita le Bakreste bao e leng khale
ba sebeletsa Jehova ba ka ’na ba ba boi
’me ba thatafalloa ho pakela ba bang.
Empa motho ea inehetseng ho Molimo
o lokela ho ba motlotlo hore e be ke e
mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me o tla
ˇ seo ka ho itsoara
ˇ
bontsa
hantle.
12 ‘Liketso tsa boinehelo ba bomolimo’ ke eng? Ke mesebetsi eo u e etsang
ka phuthehong, e kang ho ea libokeng le
ˇ
ho ea tsimong.
Li boetse li akarelletsa lintho tseo u li etsang moo u leng mong,
tse kang ho rapela Jehova le ho ithuta.
Mohlanka ea inehetseng oa Jehova a ke
ke a nka hore lintho tsena ke moroalo.
O tla ikutloa joaloka Morena Davida ea
ˇ
11. ‘Liketso tse halalelang tsa boitsoaro’ ke
eng?
12. ‘Liketso tsa boinehelo ba bomolimo’ ke eng,
hona re lokela ho ikutloa joang ka tsona?
ileng a re: “Ke thabetse ho etsa thato ea
hao, Molimo oa ka, molao oa hao o ka
har’a litho tsa ka tse ka hare.”—Pesaleme ea 40:8.
13 Buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa
—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2 leqepheng la 308 le la 309 e na le lintlha tse
ka u thusa ho ipehela lipakane. Maqepheng ao u ka araba lipotso tse kang tsena: “Lithapelo tsa hao li toba taba haˇ eng mabapi le tsela
kae, hona li bontsa
Lithapelo tsa hao
li toba taba hakae,
ˇ
hona li bontsa eng
mabapi le tsela eo u
ratang Jehova ka eona?
eo u ratang Jehova ka eona?” “Ke lintho
life tseo u li kenyelletsang thutong?”
ˇ
“Na u kopanela tsebeletsong
ea boboleli esita le ha batsoali ba hao ba sa ee?”
Ho boetse ho na le moo u ka ngolang lipakane tseo u ka ratang ho li finyella lintlheng tsena.
14 Buka ena e thusitse bacha ba bangata ba batlang ho kolobetsoa. Morali’abo
¯
rona
Tilda ea ntseng a le mocha lilemong o re: “Ke ile ka sebelisa lipotso tse
bukeng eo ho ipehela lipakane. Ke ile ka
li finyella ka bonngoe ka bonngoe, ’me
selemo hamorao ka kolobetsoa.” Buka
eo e boetse e thusitse mocha e mong ea
bitsoang Patrick. O re: “Ke ne ke se ke
13, 14. Ke buka efe e ka u thusang ho ipehela lipakane, ’me e thusitse bacha ba bang joang?
MARCH 2016
15
Na u tla lula u sebeletsa Jehova le ha batsoali ba hao ba ka khaotsa?
(Sheba serapa sa 15)
ntse ke tseba lipakane tsa ka, empa ho li
ngola ho ile ha nthusa hore ke sebetse
ka thata le ho feta ho li finyella.”
15 Potso e ’ngoe bukeng eo e re: “Na u
ka sebeletsa Jehova esita le haeba batsoali ba hao le metsoalle ba ka khaotsa
ho mo sebeletsa?” Ha u inehela ho Jehova ’me u kolobetsoa, u tla ba le kamano e haufi le eena. Kahoo, kamano ea
ˇ
hao le Jehova ha ea lokela ho itsetleha
ka batsoali ba hao kapa motho leha e le
ofe. Liketso tsa hao tse halalelang tsa
15. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha u lokela ho
iketsetsa qeto ea ho inehela ho Molimo.
16
MOLULA-QHOOA
ˇ
boitsoaro
le tsa boinehelo ba bomolimo
ˇ hore u kholisehile
li lokela ho bontsa
hore u ithutile ’nete ea Bibele le hore u
batla ho iphaphatha ka melao ea Moliˇ
mo. Ha nako e ntse e ea, u tla tsoaneleha ho kolobetsoa.
ˇ
BONTSA KANANELO
16
Ka letsatsi le leng, monna e mong ea
neng a tseba Molao oa Moshe hantle o
¯ o¯ ke
ile a botsa Jesu a re: “Taelo e khol
efe Molaong?” Jesu o ile a mo araba a re:
16, 17. (a) Ke’ng e lokelang ho susumetsa motho hore e be Mokreste? (b) Ho ananela thekoˇ
ˇ
llo ho ka tsoantsoa le eng?
“U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo
ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le
ka kelello ea hao eohle.” (Matheu 22:3537) Jesu o ile a hlalosa hore motho o lokela ho kolobetsoa le ho ba Mokreste
hobane a rata Jehova. Tsela e ’ngoe eo
ka eona u ka matlafatsang lerato la hao
ho Jehova, ke ka ho nahanisisa ka the¯ o¯ ka ho fetisikollo, e leng mpho e khol
sa eo Molimo a e fileng batho. (Bala
2 Bakorinthe 5:14, 15; 1 Johanne 4:9,
ˇ hore u
19.) Ha u etsa joalo, u tla bontsa
ananela mpho eo e babatsehang.
ˇ hore u ananela thekollo
17 Ho bontsa
ˇ
ˇ
ho ka tsoantsoa ka tsela ena: Nka hore u
khangoa ke metsi ’me motho e mong o
fihla a u pholosa. Na u ne u tla ikela hae
feela u fihle u chenche liaparo, ebe u lebala ka seo motho eo a u etselitseng
sona? Che! Kamehla u tla ananela seo
motho eo a u etselitseng sona! Ka tsela
ˇ
e tsoanang,
re lokela ho leboha Jehova
le Jesu haholo ka thekollo. Kahoo, re
lokela ho ba phelela! Ba re pholositse
sebeng le lefung. Ka lebaka la lerato leo
ˇ
ba re bontsitseng
lona, hona joale re na
ˇ
le tsepo ea ho phela ka ho sa feleng lefaˇ
tseng
la Paradeise!
18 Na u ananela seo Jehova a u etselitseng sona? Haeba ho joalo, ho loketse
hore u inehele ho eena ’me u kolobeˇ
tsoe. Ha u inehela u tsepisa
Molimo
hore u tla etsa thato ea hae ka ho sa feˇ
ˇ
leng. Na u lokela ho tsaba
ho etsa tsepiso eo? Che! Jehova o batla hore u etse
lintho tse tla u tsoela molemo, ’me o tla
putsa batho ba etsang thato ea hae.
ˇ
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha u sa lokela ho tsaba ho inehela ho Jehova? (b) Ho sebeletsa Jehova ho u tsoela molemo joang?
(Baheberu 11:6) Ha u inehela ho Molimo ’me u kolobetsoa, lintho li tla u tsa¯
maela hantle! Mor’abo rona
e mong ea
lilemo li 24, ea kolobelitsoeng pele a
kena lilemong tsa bocha o re, “Mohlomong ha ke ne ke kolobelitsoe ke le moholoanyane, ke ne ke tla be ke utloisisa
lintho ka botebo, empa ho kolobetsoa
ˇ
ho ile ha ntsireletsa
linthong tsa lefaˇ
tse.”
19 Jehova o batla hore u atlehe. Empa
¯
Satane o mona
ebile ha a u tsotelle. Ha
u mo latela a ke ke a u etsetsa letho le
molemo. Ke joang a ka u fang ntho eo a
se nang eona? Ha a na letho le letle, ’me
ha a na bokamoso. Ntho feela eo a ka u
tlisetsang eona ke bokamoso bo bosula!
ˇ
—Tsenolo
20:10.
¯
Satane o mona ebile
ha a u tsotelle
20
Ho inehela ho Jehova ke qeto e ntle
ka ho fetisisa eo u ka e etsang. Na u se
u loketse ho e etsa? Haeba u se u lokeˇ
tse, u se ke ua tsaba
ho inehela. Empa
haeba u ikutloa eka ha u e-s’o lokele, u
ka sebelisa litlhahiso tse sehloohong
sena e le hore u hatele pele. Pauluse o
ile a bolella Bakreste ba Filipi hore ba
tsoele pele ho ntlafatsa. (Bafilipi 3:16)
Haeba u latela keletso ena, ha nako e
ntse e ea, u tla batla ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa.
20. Mocha a ka etsa’ng e le hore a inehele ho
Jehova le ho kolobetsoa? (Sheba lebokose le
reng “Lihlooho Tse ka U Thusang Hore U Hatele
Pele.”)
MARCH 2016
17
U ka Tlatsetsa Joang ho
Matlafatseng Bonngoe
¯
ba Rona ba Bokreste?
‘Ka eena ’mele oohle o kopantsoe hammoho
ka tumellano le ho etsoa hore o sebelisane.’
—BAEFESE 4:16.
LIPINA: 53, 107
U KA ARABA JOANG?
Mosebetsi oa boboleli o tlatsetsa joang bonngoeng ba
¯
rona?
Re ka tlatsetsa joang ho
etseng hore ho be le bonngoe
ka phuthehong?
Banyalani ba ka etsa’ng ho
matlafatsa kamano ea bona
ea lenyalo?
ˇ
JEHOVA le Jesu ba ’nile ba momahana ho tloha tsimolo¯
¯
hong ea popo. Jehova o ile a bopa Jesu pele ho lintho tse
ling tsohle. Ka mor’a moo, Jesu a sebetsa le eena e le “mosebetsi ea hloahloa.” (Liproverbia 8:30) Bahlanka ba Jehova le bona ba ile ba sebetsa ’moho ho phetha mosebetsi
oo ba neng ba lokela ho o etsa. Ka mohlala, Noe le ba lelapa la hae ba ile ba haha areka hammoho. Hamorao, Baiseraele ba ile ba sebetsa ’moho ho etsa tabernakele, ho e qhaqha le ho e tlosa sebakeng se seng ho e isa ho se seng. Ha
ba le tempeleng, ba ne ba rorisa Jehova ka ho bina le ho
bapala liletsa hammoho. Batho ba Jehova ba ile ba khona
ho finyella lintho tsena kaofela, kaha ba ne ba sebelisana
’moho.—Genese 6:14-16, 22; Numere 4:4-32; 1 Likronike
25:1-8.
ˇ
¯
1. Ke’ng e ’nileng ea totobala ho tloha tsimolohong ea popo?
18
2
Bakreste ba mehleng ea baapostola
le bona ba ne ba sebelisana ’moho. Moapostola Pauluse o ile a re ba ne ba
momahane, le hoja ba ne ba e-na le
ˇ
mesebetsi le bokhoni bo sa tsoaneng.
Kaofela ha bona ba ne ba latela Jesu
Kreste e le Moeta-pele oa bona. Pauluse
ˇ
ˇ le ’mele o nang le lio ile a ba tsoant
sa
tho tse ngata empa li sebelisana. (Bala
1 Bakorinthe 12:4-6, 12.) Kajeno teng
boemo ke bofe? Re ka sebelisana ’moho
joang mosebetsing oa boboleli, ka phuthehong le ka lapeng?
SEBELISANANG ’MOHO MOSEBETSING
OA BOBOLELI
3
hlanong le bolumeli ba bohata. Batho
ˇ
ba bang ba limilione ba nang le tsepo
ea
ˇ
ho phela ka ho sa feleng lefatseng ba
ikopantse le bona. Ba sebetsa ’moho
mosebetsing ona oa boboleli. Mosebetsi ona o lokolotse batho ba bangata bolumeling ba bohata le taolong ea Satane.
4 Re fuoe mosebetsi oa ho bolela ‘litaˇ
ba tse molemo’ lefatseng
ka bophara,
pele bofelo bo fihla. Ruri ona ke mosebetsi o moholo! (Matheu 24:14; 28:19,
20) Re lokela ho mema bohle ba “nyoriloeng” hore ba tle ’me ba noe “metsi a
Moapostola Johanne o ile a ba le
pono eo ho eona a ileng a bona mangeloi a supileng a letsa literompeta. Ha lengeloi la bohlano le letsa terompeta,
Johanne o ile a bona “naleli e neng e oeˇ
tse lefatseng
e tsoa leholimong.” “Naleli” eo e ile ea fuoa senotlolo e le hore
e bule sekoti sa mohohlo. Qalong ho
ile ha nyoloha mosi o teteaneng, ha ntan’o tsoa lebothohali la litsie mosing oo.
Ho e-na le hore litsie tsena li senye lifate le limela, li ile tsa hlasela “batho ba
se nang tiiso ea Molimo liphatleng tsa
ˇ
bona.” (Tsenolo
9:1-4) Johanne o ne
ˇ
a tseba hore litsie li ka baka tsenyo
e
¯
¯
kholo, joalokaha li ile tsa e baka Egepeta mehleng ea Moshe. (Exoda 10:12-15)
Litsie tseo Johanne a li boneng li emela Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nileng
ba phatlalatsa molaetsa o matla kha-
bophelo,” ka mantsoe a mang re lokela
ho ruta bohle ba batlang ho utloisisa
ˇ
’nete ea Bibele. (Tsenolo
22:17) Empa
re ka finyella sena hafeela re momahane
“hammoho ka tumellano” re bile re sebelisana ’moho ka phuthehong.—Baefese 4:16.
5 E le hore re finyelle batho ba bangata mosebetsing oa boboleli, re lokela
ho hlophiseha. Tataiso eo re e fuoang
¯
liphuthehong tsa habo rona
e re thusa
ˇ
ho etsa sena. Ka mor’a seboka sa tsimo,
2. (a) Ke’ng e neng e ikhetha ka Bakreste meˇ
hleng ea baapostola? (b) Re tl’o tsohla lipotso
life?
3. Moapostola Johanne o ile a ba le pono efe?
4. Batho ba Molimo ba fuoe mosebetsi ofe, hona
ke’ng e ka ba thusang hore ba o phethe?
5, 6. Mosebetsi oa boboleli o tlatsetsa joang bo¯
nngoeng ba rona?
Re khona ho bolela
litaba tse molemo
ˇ
lefatseng ka bophara
kaha re sebelisana ’moho
MARCH 2016
19
re ea malapeng a batho ho ea buisana le
bona ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa
Molimo. Re boetse re ba fa lingoliloeng
tse thehiloeng Bibeleng. Ha e le hantle,
re se re tsamaisitse tse limilione lefaˇ
tseng
ka bophara. Ka linako tse ling, re
ˇ
khothalletsoa ho kopanela matsolong
a
khethehileng. Ha u kenya letsoho mosebetsing ona, u ba bonngoeng le ba bang
ˇ
ba limilione lefatseng
ka bophara ba
etsang mosebetsi ona! U boetse u sebetsa le mangeloi, a thusang batho ba Molimo ho phatlalatsa litaba tse molemo.
ˇ
—Tsenolo
14:6.
U ka tlatsetsa joang ho
etseng hore ho be le bonngoe ka phuthehong?
6
Ruri rea thaba ha re bala Bukeng ea
Selemo litlaleho tsa mosebetsi oa boboˇ
leli o etsoang lefatseng
ka bophara!
Ak’u boele u nahane ka bonngoe bo
bang teng ha re memela batho kopanong. Ha re le moo, re mamela molaeˇ
ˇ
ˇ
tsa o tsoanang.
Lipuo, litsoant
siso
le
ˇ
lipontso tse fanoang moo, li re khothalletsa ho fa Jehova se molemohali. Re
boetse re ba bonngoeng le bara le bara¯
li babo rona
selemo le selemo ha re ba
teng Sehopotsong. (1 Bakorinthe 11:23ˇ
26) Re se tsoarela
hong ka la 14 Nisane,
ka mor’a hore letsatsi le likele, ho boˇ hore re ananela seo Jehova a re
ntsa
etselitseng sona le hore re mamela taelo ea Jesu. Libeke pele ho Sehopotso, re
sebetsa ’moho ho mema batho ba ba20
MOLULA-QHOOA
ngata kamoo ho ka khonehang hore ba
¯
be le rona
ketsahalong ena e ikhethang.
ˇ
7 Tsie e le ’ngoe e ke ke ea baka tsenyo
¯
e kaalo. Le rona ka bomong, re ke ke ra
khona ho pakela batho bohle. Empa
kaha re sebetsa re momahane, re khona
ho bolella batho ba limilione ka Jehova,
’me re ba thusa ho mo hlompha le ho
mo rorisa.
SEBELISANANG ’MOHO KA
PHUTHEHONG
8
Pauluse o ile a hlalosetsa Baefese
hore na phutheho ea Bokreste e hlophisitsoe joang, ’me a re bohle ba lokela
¯ linthong tsohle.’ (Bala Baefe‘ho hola
se 4:15, 16.) O ile a etsa mohlala ka
ˇ hore Mokreste e mong
’mele ho bontsa
le e mong a ka tlatsetsa ho etseng hore
ho be le bonngoe ka phuthehong, ’me a
etsise Jesu, e leng eena Moeta-pele oa
phutheho. O ile a re litho tsohle tsa
’mele li sebelisana ’moho ‘lenonyellong
le leng le le leng bakeng sa ho fana ka se
hlokahalang.’ Kahoo, kaofela re lokela
ho etsa’ng, ho sa tsotellehe hore na re
¯
bacha kapa re se re holile,
re phela hantle kapa rea kula?
9 Jesu o khethile baholo hore ba re
etelle pele ka phuthehong, ’me o batla
hore re ba hlomphe re be re latele tataiso eo ba re fang eona. (Baheberu 13:7,
17) Ka linako tse ling ha ho bonolo ho
¯
etsa seo. Empa re ka kopa
Jehova hore
a re thuse. Ka moea oa hae o halalelang
7. Ha re sebetsa re momahane, re finyella eng?
8, 9. (a) Pauluse o ile a etsa mohlala ofe ho
ˇ
bontsa bohlokoa ba bonngoe ka phuthehong?
(b) Re ka etsa’ng e le hore phutheho e momahane?
a ka re thusa hore re latele tataiso leha
e le efe eo baholo ba re fang eona. Ak’u
nahane kamoo re ka tlatsetsang bonngoeng ba phutheho kateng haeba re
ikokobelitse re bile re sebelisana le baholo. Phutheho e tla momahana, ’me re
tla ratana le ho feta.
10 Bahlanka ba sebeletsang le bona ba
tlatsetsa bonngoeng ba phutheho. Ba
sebetsa ka thata ho thusa baholo, ’me re
ananela sohle seo ba se etsang. Ka mohlala, bahlanka ba sebeletsang ba netefatsa hore re na le lingoliloeng tseo re li
ˇ
tsamaisang tsimong,
ebile ba amohela
baeti ha ba tlile libokeng. Ba boetse ba
sebetsa ka thata ho lokisa lintho tse senyehileng Holong ea ’Muso le ho e boloka e hloekile. Ha re sebelisana le bona,
rea momahana ’me re sebeletsa Jehova
ka tsela e hlophisehileng.—Bapisa le Liketso 6:3-6.
11 Baholo ba bang ba qetile lilemo tse
ngata ba sebetsa ka thata ka phuthehong. Empa mohlomong ha ba sa khona ho etsa lintho tse ngata joaloka pele
¯
ka lebaka la botsofali. Barab’abo rona
ba bacha ba ka thusa. Ba ka jara boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong
haeba ba koetlisitsoe. Bahlanka ba sebeletsang le bona e ka ba baholo nakong
e tlang haeba ba sebetsa ka thata. (1 Timothea 3:1, 10) Baholo ba bang ba
ntseng ba le bacha lilemong ba hatetse
pele le ho feta. E se e le balebeli ba
potoloho ’me ba thusa bara le barali
10. Bahlanka ba sebeletsang ba tlatsetsa joang
ˇ
ˇ
bonngoeng ba phutheho? (Sheba setsoantso se
qalong.)
11. Bacha ba ka tlatsetsa joang bonngoeng ba
phutheho?
¯
babo rona
liphuthehong tse ngata. Rea
thaba ha bacha ba ithaopela ho thusa ka phuthehong.—Bala Pesaleme ea
110:3; Moeklesia 12:1.
SEBELISANANG ’MOHO KA LAPENG
12
Re ka etsa’ng hore ho be le bonngoe
ˇ
ka lapeng? Ho tsoara
borapeli ba lelapa
beke le beke ho ka re thusa. Ha batsoali ba qeta nako le bana ba bona ba ithuta ka Jehova, seo se ka etsa hore ba ratane le ho feta. Nakong ea borapeli ba
lelapa, le ka buisana ka seo le tla se bua
ˇ
tsimong,
kaha seo se tla le thusa hore le
ee le le malala-a-laotsoe. Litho tsa lela-
Monna le mosali ba tla
thaba ’me ba momahane
haeba ba rata Jehova ba
bile ba mo sebeletsa
hammoho
pa li tla atamelana haufi ha li buisana ka
litaba tsa Mangolo ebile li bona kamoo
tse ling li ratang Jehova kateng, ’me li
tla batla ho mo khahlisa.
13 Monna le mosali ba ka sebelisana
’moho joang? (Matheu 19:6) Ba tla thaba ’me ba momahane haeba ba rata Jehova ba bile ba mo sebeletsa hammoho.
Ba boetse ba lokela ho ratana, joaloka
Abrahama le Sara, Isaka le Rebeka, esita le Elkana le Anna. (Genese 26:8; 1 Samuele 1:5, 8; 1 Petrose 3:5, 6) Ha monna
12, 13. Ke’ng e ka thusang hore ho be le bonngoe
ka lapeng?
MARCH 2016
21
Borapeli ba lelapa bo ka
¯
thusa ba holileng le ba
bacha hore ba be le
kamano e haufi
(Sheba serapa sa 12 le 15)
le mosali ba ratana, seo se etsa hore ba
momahane ’me ba be le kamano e haufi
le Jehova.—Bala Moeklesia 4:12.
14 Bibele e bolela ka ho hlaka hore ha
rea lokela ho nyalana le motho ea sa sebeletseng Jehova. (2 Bakorinthe 6:14)
¯
Empa ho na le bara le barali babo rona
bao balekane ba bona e seng Lipaki Tsa
Jehova. Ba bang ba ithutile ’nete ba se
ba ntse ba le lenyalong, ’me balekane ba
bona ha e ea ka ea e-ba Lipaki. Ba bang
ba ne ba nyalane e le Lipaki, eaba molekane e mong o tlohela phutheho. Maemong ana, Mokreste o lokela ho etsa
sohle se matleng a hae ho matlafatsa kamano ea bona ea lenyalo ka hore a sebelise likeletso tsa Bibele. Ka linako tse
ling ho ka ’na ha e ba thata ho etsa sena.
Ka mohlala, Mary le monna oa hae David, ba ne ba sebeletsa Jehova hammoho. Ha nako e ntse e ea, David o ile a
14. Haeba molekane oa hao a sa sebeletse Jeho¯
va, u ka etsa’ng ho matlafatsa kamano ea lona ea
lenyalo?
22
MOLULA-QHOOA
khaotsa ho ea libokeng. Empa Mary a
’na a ikitlaelletsa ho ba mosali ea khabane le ho bonahatsa botho ba Bokreste.
ˇ
O ile a ruta bana ba bona ba tseletseng
ka Jehova ’me a tsoela pele ho ea libokeng le likopanong. Lilemo hamorao ha
bana ba se ba phuruselitse, Mary o ile a
tsoela pele ho sebeletsa Jehova, le hoja
ho ne ho batla ho le thata le ho feta.
Ka mor’a nako, David o ile a qala ho
bala limakasine tseo Mary a neng a mo
behela tsona. Ho e-s’o ee kae, a qala ho
chakela libokeng. Setloholo sa hae se liˇ
lemo li tseletseng
se ne se lula se mo behela setulo, ’me ha David a sa tla, moshanyana eo o ne a re, “Ntate-moholo,
ha kea u bona tsatsing lena libokeng.”
David o ile a khutlela ho Jehova ka
mor’a lilemo tse 25, ’me hona joale eena
le mosali oa hae ba thabela ho sebeletsa
Jehova hammoho.
15 Kajeno, Satane o hlasela malapa. Ke
¯
15. Banyalani ba holileng ba ka thusa ba bacha
joang?
kahoo monna le mosali ba sebeletsang
Jehova ba lokelang ho sebelisana. Ho sa
tsotellehe hore na ke khale hakae le nyalane, nahanang ka seo le ka se buang
kapa la se etsa ho matlafatsa kamano ea
¯
¯
lona
ea lenyalo. Lona
banyalani ba seng
¯
ba holile le ka behela banyalani ba bacha mohlala. Mohlomong le ka ba me¯
mela hore ba be teng borapeling ba lona
ba lelapa. Ba tla elelloa hore ho sa tsotellehe hore na ke khale hakae ba nyalane, ba ntse ba lokela ho ratana le ho momahana.—Tite 2:3-7.
“TLOONG, ’ME RE NYOLOHELENG
THABENG EA JEHOVA”
16
Baiseraele ba ne ba sebelisana
’moho ha ba ea meketeng Jerusalema.
Ba ne ba hlophisa lintho tsohle tseo ba
tla li hloka leetong. Ba tsamaisana tsela
ba bile ba thusana. Ha ba le tempeleng,
16, 17. Bahlanka ba Jehova ba lebeletse eng ka
thabo?
TLHALOSO EA
MANTSOE
ba ne ba rapela Jehova hammoho ba
bile ba mo rorisa. (Luka 2:41-44) Kaje¯
no, le rona
re lokela ho momahana le ho
sebelisana ’moho, ha re ntse re itokiseˇ
lletsa ho phela lefatseng
le lecha. Na ho
na le litsela tse ling tseo re ka etsang see
ka tsona?
17 Kajeno batho ha ba lumellane ebile
ˇ
ba loantsana
ka lintho tse ngata. Empa
¯
rona re leboha Jehova ha a re thusitse
ho ba le khotso le ho utloisisa ’nete ea
ˇ
Bibele! Bahlanka ba hae lefatseng
ka bophara ba mo rapela ka tsela eo a e amohelang. Matsatsing ana a ho qetela, bahlanka ba Jehova ba momahane ho feta
le ha e le neng pele. Feela joalokaha
Esaia le Mikea ba profetile, re nyolohela “thabeng ea Jehova” hammoho.
(Esaia 2:2-4; bala Mikea 4:2-4.) Ruri
nakong e tlang re tla thaba ha batho boˇ
hle lefatseng
ba tla be ba momahane
“hammoho ka tumellano” ba bile ba rapela Jehova hammoho!
Bahlanka ba Molimo ba sebelisana ’moho:
Ka phuthehong, re latela tataiso leha e le efe eo re e
fuoang. Ha re bolela litaba
tse molemo, re sebetsa
’moho le bara le barali babo
¯
rona. Ka lapeng, rea ratana
ˇ
’me re tsoara borapeli ba lelapa kamehla
Bahlanka ba Molimo ba momahane:
Ho sa tsotellehe hore na re
¯
lula hokae, kaofela ha rona
re rapela Jehova ’me re mamela Jesu, Moeta-pele oa
¯
rona. Kaha bohle re bolela litaba tse molemo, re khona
ho pakela batho ba limilione
ˇ
lefatseng ka bophara. Ho
¯
feta moo, kaofela ha rona re
mamela likeletso tsa Bibele,
tse re thusang ho rorisa Jehova re le hammoho
Jehova o Tataisa Batho ba
Hae ho ba Lebisa Bophelong
“Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.”—ESAIA 30:21.
LIPINA: 65, 48
U KA ARABA JOANG?
Jehova o ile a fa Noe le Moshe litaelo life?
Molimo o file Bakreste litaelo
life tse ncha?
ˇ
Re ka bontsa joang hore re
hloka ho tataisoa ke Molimo?
“EMA, SHEBA, MAMELA.” Ho se ho fetile lilemo tse fetang
¯ o¯ tse matealekholo, mantsoe ana a hlaha libotong tse khol
nong a seporo, Amerika Leboea. A ne a ngotsoe ka sepheo
sefe? Sa ho thusa bakhanni hore ba se ke ba thuloa ke tereˇ
ne. Ho ela hloko matsoao
ana ho pholositse ba bangata.
ˇ
2 Jehova ha a re fe matsoao
a re lemosang feela. O re tataisetsa bophelong bo sa feleng ebile o re qobisa likotsi. Jeˇ
hova o tsoana
le molisa ea lerato ea tataisang linku tsa hae
le ho li qobisa maemo a kotsi.—Bala Esaia 30:20, 21.
HAESALE JEHOVA A TATAISA BATHO BA HAE
ˇ
3 Haesale ho tloha tsimolohong,
Jehova a fa batho ba hae
litaelo tse tobileng. Ka mohlala, serapeng sa Edene, Jehova
o ile a fa batho litaelo tse hlakileng tse neng li tla ba nolofalletsa ho phela ka ho sa feleng ba thabile. (Genese 2:15-17)
Empa Adama le Eva ha baa ka ba mamela litaelo tseo ba li
1, 2. (a) Batho ba bangata ba pholositsoe ke temoso efe? (Sheba seˇ
ˇ
tsoantso se qalong.) (b) Molimo o etsa’ng ho thusa batho ba hae hore ba
pholohe?
3. Ho tlile joang hore batho bohle ba tjameloe ke lefu?
24
fuoeng ke Ntate oa bona ea lerato. Eva o
ile a mamela noha ’me Adama eena a mamela mosali oa hae. Phello ea see e bile
efe? Ba ile ba apareloa ke masoabi, ’me
ˇ
ba shoa ba se na tsepo
ea tsoho. Ka lebaka la ho se mamele ha bona, batho bohle
ba ile ba futsa ho se phethahale, kahoo
ba tjameloa ke lefu.
4 Molimo o ile a fa Noe litaelo tse re
tsoelang molemo. Ka mor’a Moroallo,
Jehova o ile a laela batho hore ba se ke
ba ja mali kapa ba a noa. Hobane’ng? Jehova o ne a le mothating oa ho ba lumella hore ba je nama. Kaha maemo a ne a
fetohile, o ile a ba fa tataiso e ncha, a re:
“Ke feela nama e nang le moea oa eona
—mali a eona—eo le ke keng la e ja.” (Geˇ hore na
nese 9:1-4) Taelo ena e re bontsa
Molimo o ikutloa joang ka bophelo, kaha
¯ oa rona,
¯
bo tsoa ho eena. Ke ’Mopi
kahoo o na le matla a ho re bolella hore
na re phele joang. Ka mohlala, o fane ka
taelo ea hore batho ba se ke ba bolaeana. Molimo o nka bophelo le mali a halalela, ’me o tla fana ka kotlo ho motho
leha e le ofe ea a sebelisang hampe.—Genese 9:5, 6.
5 Molimo o ile a tsoela pele ho tataisa
batho ba hae le ka mor’a mehla ea Noe.
ˇ
Sehloohong sena, re tl’o tsohla
mehlala
ˇ
e seng mekae e bontsang kamoo a ’nileng
a ba tataisa kateng. Ho e hlahloba ho tla
¯
matlafatsa boikemisetso ba rona
ba ho
latela tataiso ea Jehova ho ea kena lefaˇ
tseng
le lecha.
4. (a) Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore
Molimo a fane ka taelo e ncha ka mor’a Moroallo?
(b) Taelo e ncha eo Molimo a ileng a fana ka eona
ˇ
e bontsa’ng?
ˇ
5. Re tl’o tsohla eng, hona hobane’ng?
SECHABA SE SECHA SE FUOA LITAELO
TSE NCHA
6
Mehleng ea Moshe, Jehova o ile a fa
batho ba hae litaelo tse hlakileng tsa
ˇ
hore na ba itsoare
le ho mo rapela joang.
Hobane’ng? Maemo a ne a boetse a fetohile. Baiseraele ba ne ba qetile lilemo tse
fetang 200 e le makhoba Egepeta, moo
ba neng ba pota-potiloe ke batho ba raˇ
ˇ le ba etsang
pelang balimo le litsoant
so
lintho tse ling tse ngata tse hlomphollang Molimo. Ha batho ba Molimo ba lokolloa bokhobeng Egepeta, ba ne ba
hloka litaelo tse ncha. Ba ne ba lokela ho
latela Molao oa Jehova feela. Libuka tse
ling tse hlalosang mantsoe li re lentsoe la
Seheberu le fetoletsoeng e le “molao” le
tsamaisana le lentsoe le bolelang “ho tataisa, ho laea, kapa ho rupela.” Molao o
ˇ
ne o sireletsa Baiseraele boitsoarong
bo
bobe le bolumeling ba bohata ba lichaba
tse ba potolohileng. Ha Baiseraele ba ne
ba mamela, Molimo o ne a ba hlohonolofatsa. Ha ba ne ba sa mo mamele, lintho li ne li ba tsamaela hampe.—Bala
Deuteronoma 28:1, 2, 15.
7 Ho boetse ho na le mabaka a mang a
neng a etsa hore Baiseraele ba hloke litaelo tse ncha. Molao o ne o ba lokisetsa
ketsahalo ea bohlokoa morerong oa Jehova, e leng ho tla ha Mesia, Jesu Kreste. Molao o ne o hopotsa Baiseraele
hore ha baa phethahala. O ne o boetse o
ba thusa ho lemoha hore ba hloka thekollo, e leng sehlabelo se phethahetseng se
6. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba lokela ho
mamela melao eo Molimo a ba fileng eona ka Moshe, hona ba ile ba etsa’ng?
7. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a fa Baiseraele litaelo? (b) Ke joang Molao e bileng motataisi ho
Baiseraele?
MARCH 2016
25
26
neng se tla tlosa libe tsa bona ka ho feletseng. (Bagalata 3:19; Baheberu 10:1-10)
Ho feta moo, Molao o ne o sireletsa lesika la Mesia ebile o thusa Baiseraele hore
ba tle ba mo lemohe ha a fihla. Ha e le hantle, Molao e ne e le “motataisi” oa nakoana, ea ba lebisang ho Kreste.—Bagalata 3:23, 24.
¯
8 Le rona
re rua molemo litaelong tseo
Jehova a faneng ka tsona Molaong. Ka
tsela efe? Re ka ema ’me ra sheba melaomotheo eo re ithutang eona Molaong oo.
Le hoja re se re se tlas’a melao eo, re ntse
ˇ
re ka itsetleha
ka eona hore e re tataise
¯
bophelong ba rona
ba letsatsi le letsatsi
le ha re sebeletsa Jehova. O e tlalehile ka
Bibeleng e le hore re ithute eona, re tataisoe ke melao-motheo ea eona le hore
re lemohe hore Jesu o re thusitse ho hlakeloa ke seo Molao o neng o le sona. Mamela seo Jesu a ileng a se bua: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U se ke ua feba.’ Empa
¯
ke re ho lona
e mong le e mong ea ntseng
a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a
be le takatso e matla bakeng sa hae o se
a febile le eena ka pelong ea hae.” Ha e
le hantle, ha rea lokela ho qoba bofebe
feela, empa re boetse re lokela ho hanela menahano e fosahetseng le litakatso
ˇ
tse litsila.—Matheu
5:27, 28.
9 Ka mor’a hore Jesu e be Mesia, Jehova o ile a fana ka litaelo tse ling tse ncha
’me a senola morero oa hae ka ho eketsehileng. Hobane’ng? Ka selemo sa 33,
Jehova o ile a lahla sechaba sa Iseraele ’me a khetha phutheho ea Bokreste
Jehova o ne a file Baiseraele Molao
ˇ
oa Moshe o ba bontsang
kamoo ba neng
ˇ
ba lokela ho itsoara le ho mo rapela kateng. Mehleng ea baapostola, batho ba
Molimo e ne e se e se sechaba se le seng,
empa e ne e le batho ba tsoang litsong
tse fapaneng, ’me ba bitsoa Iseraele ea
Molimo. Ba ne ba etsa phutheho ea Bokreste ’me ba le tlas’a selekane se secha.
Jehova o ile a ba fa litaelo tse ncha tsa
ˇ
kamoo ba lokelang ho itsoara
le ho mo
rapela kateng. Ha e le hantle, “Molimo
ha a leeme, empa sechabeng se seng le se
ˇ
seng motho ea mo tsabang
le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”
(Liketso 10:34, 35) Bakreste ba ne ba latela “molao oa Kreste,” oo melao-motheo ea oona e ngotsoeng lipelong tsa
bona, eseng lejoeng. Molao ona o ne o
tla tataisa Bakreste le ho ba ruisa molemo hohle moo ba lulang teng.—Bagalata
6:2.
11 Iseraele ea Molimo e ile ea rua molemo haholo ka hore Jehova a sebelise
Jesu ho e tataisa. Nakoana pele Jesu a
etsa selekane se secha le balateli ba hae,
o ile a ba fa litaelo tse peli tsa bohlokoa.
Ea pele e ne e le mabapi le mosebetsi oa
boboleli. Ea bobeli e le mabapi le kamoo
ˇ
Bakreste ba lokelang ho itsoara
le ho sebelisana le ba bang kateng. Litaelo tsena
¯
li fuoe Bakreste bohle, kahoo le rona
ka-
8. Ke hobane’ng ha re lokela ho tataisoa ke melao-motheo e Molaong oa Moshe?
9. Ke liphetoho life tse bileng teng tse ileng tsa
etsa hore ho hlokahale hore Molimo a fane ka litaelo tse ncha?
10. Ke hobane’ng ha phutheho ea Bokreste e ile
ea fuoa litaelo tse ncha, hona li ne li fapane joang
le tse neng li fuoe Baiseraele?
11. “Molao oa Kreste” o ama likarolo life tse peli
¯
tsa bophelo ba rona?
MOLULA-QHOOA
hore e be batho ba hae. Kahoo, maemo
a batho ba Molimo a ile a boela a fetoha.
LITAELO TSE FUOENG ISERAELE EA
MOLIMO
10
ˇ
jeno lia re ama, ebang re na le tsepo
ea
ho phela ka ho sa feleng leholimong kapa
ˇ
lefatseng.
12 Nakong e fetileng, batho ba lichaba
tse ling ba ne ba lokela ho ea ho Baiseraele e le hore ba sebeletse Jehova. (1 Marena 8:41-43) Empa Jesu o ile
a fana ka taelo ena e tlalehiloeng ho
Matheu 28:19, 20. (E bale.) Moo Jesu
o re barutuoa ba hae ‘ba ee’ ho batho
bohle. Ka Pentekonta ea selemo sa 33,
ˇ hore o batla hore
Jehova o ile a bontsa
ˇ
litaba tse molemo li boleloe lefatseng
lohle. Letsatsing leo, litho tse ka bang 120
ˇ
tsa phutheho e ncha li ile tsa tsolleloa
moea o halalelang, ’me tsa qala ho pakela Bajuda le basokolohi ka lipuo tse
ˇ
sa tsoaneng.
(Liketso 2:4-11) Ka mor’a
ˇ
moo, tsimo e ile ea atolosoa hore e akarelletse le Basamaria. Joale ka selemo sa
36, ea atolosoa le ho feta hore e kenyelletse le Balichaba ba sa bollang. Seo se
ne se bolela hore Bakreste ba lokela ho
pakela batho bohle!
13 Jesu o ile a boela a fana ka “taelo e
ˇ
ncha” ea kamoo re lokelang ho tsoara
¯
bara le barali babo rona
kateng. (Bala
Johanne 13:34, 35.) Kamehla re lokela
ˇ hore rea ba rata, ’me re ikemiho bontsa
selitse ho ba shoela. Taelo ena e ne e le
sieo Molaong.—Matheu 22:39; 1 Johanne 3:16.
14 Jesu o re behetse mohlala o motle ka
ˇ lerato leo
ho fetisisa tabeng ea ho bontsa
le se nang boithati. O ne a rata barutuoa
ba hae hoo a ileng a ithaopela ho ba
shoela. ’Me o lebeletse hore balateli bo12. Hlalosa hore na mosebetsi oa boboleli o qalile
joang.
13, 14. (a) “Taelo e ncha” eo Jesu a faneng ka
eona e akarelletsa eng? (b) Re ithuta’ng mohlaleng oo Jesu a re behetseng oona?
ˇ
hle ba hae ba etse se tsoanang.
Kahoo, re
lokela ho ikemisetsa ho mamella mahloriso, esita le ho shoela bara le barali babo
¯
rona.—1
Bathesalonika 2:8.
LITAELO TSE RE TATAISANG HONA
JOALE LE TSA NAKONG E TLANG
ˇ
15 Jesu o khethile “lekhoba le tsepahalang le le masene” hore le fe balateli ba
ˇ
hae ‘lijo ka nako e tsoanetseng.’
(Matheu 24:45-47) Lijo tsena li akarelletsa litaelo tsa bohlokoa tseo batho ba
Molimo ba li fuoang ha maemo a ntse a
¯
fetoha. Maemo a rona
a ntse a fetoha
joang?
16 Re phela “matsatsing a ho qetela,”
ˇ
’me haufinyane re tla tobana le matsoeˇ
nyeho ao ho seng a kileng a tsoana le
’ona. (2 Timothea 3:1; Mareka 13:19) Ho
feta moo, Satane le bademona ba hae ba
lelekiloe leholimong ’me ba liheloa lefaˇ
tseng,
kahoo ba bakela batho mahlomoˇ
la. (Tsenolo
12:9, 12) Re boetse re mamela taelo ea Jesu ka hore re pakele batho
ˇ
ˇ
bohle lefatseng
ka lipuo tse sa tsoaneng!
17 Mokhatlo oa Molimo o re thusa ka litsela tse ngata hore re etse mosebetsi oa
boboleli. Na u latela tataiso eo o re fang
eona? Ha re le libokeng, re fuoa likeletso
tsa kamoo re ka atlehang ho etsa mosebetsi ona kateng. Na u nka likeletso tseo
li tsoa ho Molimo?
18 E le hore Molimo a re hlohonolofatse, re lokela ho mamela litaelo tsohle
tseo phutheho ea Bokreste e re fang tsona. Haeba re li mamela hona joale, re tla
nolofalloa ho latela litaelo nakong ea
15, 16. Maemo a batho ba Molimo a fetohile
joang, hona o ba tataisa joang hona joale?
ˇ
17, 18. Re lokela ho itsoara joang ha re fuoa litaelo?
MARCH 2016
27
ˇ
Lefatseng le lecha, re tla fuoa meqolo e nang
le litaelo tse ncha tsa hore na re phele joang
Paradeiseng
(Sheba serapa sa 19 le 20)
ˇ
ˇ lo“matsoenyeho
a maholo,” ha lefatse
hle le khopo la Satane le tla be le timetsoa. (Matheu 24:21) Ka mor’a moo, ho
tla hlokahala hore re latele litaelo tse
ˇ
ncha tse tla re kenya lefatseng
le lecha la
ho loka, leo ho lona ho tla beng ho se na
ˇ
tsusumetso
ea Satane.
19 Mehleng ea Moshe, Baiseraele ba ne
ba hloka litaelo tse ncha, kahoo Molimo
a ba fa Molao oa Moshe. Hamorao, phutheho ea Bokreste e ile ea lokela ho latela “molao oa Kreste.” Bibele e re lefaˇ
tseng
le lecha re tla fuoa meqolo e nang
ˇ
le litaelo tse ncha. (Bala Tsenolo
20:
12.) Mohlomong meqolo eo e tla hlalosa
lintho tseo Jehova a batlang hore re li
etse ka nako eo. Batho bohle, ho akarelletsa le ba tsositsoeng bafung, ba tla tse19, 20. Ho tla buloa meqolo efe, hona phello e tla
ba efe?
TLHALOSO EA
MANTSOE
28
ba hore na Molimo o batla hore ba
etse’ng ha ba ntse ba ithuta meqolo ena.
E tla re thusa ho ithuta ka ho eketsehileng ka monahano oa Jehova. Re tla
boela re utloisise Bibele haholoanyane,
kahoo Paradeiseng re tla ratana le ho
hlomphana. (Esaia 26:9) Ak’u nahane
hore na ke lintho tse ngata hakaakang
tseo re tla ithuta tsona le ho li ruta ba
bang, ha re se re tataisoa ke Morena Jesu
Kreste!
20 Haeba re latela litaelo “tse ngoˇ
tsoeng meqolong” ena, ’me re lula re tsepahala ho Jehova nakong ea teko ea ho
¯
qetela, o tla ngola mabitso a rona
ka ho
sa feleng ‘moqolong oa bophelo.’ Re ka
fumana bophelo bo sa feleng! Kahoo, re
lokela HO EMA e le hore re iphe nako ea
ho bala Bibele, RE SHEBE e le hore re
utloisise seo e re bolellang sona, ’me RE
MAMELE litaelo tseo Molimo a re fang
tsona hona joale. Haeba re etsa lintho
ˇ
tsena, re tla pholoha matsoenyeho
a maholo ’me re tla tsoela pele ho ithuta ka ho
¯
sa feleng ka Jehova Molimo oa rona
ea
bohlale le ea lerato.—Moeklesia 3:11; Baroma 11:33.
“Molao oa Kreste”:
Ke litaelo tsohle tseo Jesu a faneng ka tsona, ho akarelleˇ
tsa ea ho bolela litaba tse molemo lefatseng lohle le ea ho
¯
¯
rata barab’abo rona. Molao ona o ngotsoe lipelong tsa rona
’me o re tataisa linthong tsohle. Haeba re o mamela, Jehova o tla re putsa ka bophelo bo sa feleng
LIPOTSO TSE TSOANG HO BABALI
Batho ba Molimo e bile batlamuoa Babylona e Moholo neng?
ˇ E bile batlamuoa nakoana ka mor’a selemo sa
100 ho isa ho sa 1919. Ke hobane’ng ha ho hlo¯
kahala hore re ntlafatse kutloisiso ea rona
tabeng ee?
ˇ hore ka 1919, Bakreste ba tloBopaki bo bontsa
tsitsoeng ba ile ba lokolloa botlamuoeng ba Babylona e Moholo, ’me ba bokelloa ka phuthehong
e hloekisitsoeng. Ak’u nahane ka sena: Hang ka
mor’a hore ’Muso oa Molimo o qale ho busa leholimong ka 1914, batho ba Molimo ba ile ba lekoa
’me butle-butle ba lokolloa borapeling ba bohata.1 (Sheba naletsana.) (Malakia 3:1-4) Joale ka
ˇ
1919, Jesu o ile a khetha “lekhoba le tsepahalang
le le masene” ho fa bahlanka ba Molimo ba hloeˇ
kisitsoeng ‘lijo ka nako e tsoanetseng.’
(Matheu
24:45-47) Hona selemong seo, bahlanka ba Molimo ba ile ba lokolloa botlamuoeng ba Babylona e
ˇ
Moholo. (Tsenolo
18:4) Empa batho ba Molimo e
bile batlamuoa neng?
Nakong e fetileng, re ’nile ra hlalosa hore batho
ba Molimo ba bile botlamuoeng ba Babylona e
1 Sheba Molula-Qhooa oa July 15, 2013, leqepheng la 10-12,
serapeng sa 5-8, 12.
Le hoja Jesu, Pauluse
le Johanne ba ile ba
fana ka temoso, ba
bangata e ile ea
e-ba bakoenehi
KA MOR’A SELEMO SA 100
Phutheho ea Bokreste e ile
ea e-ba botlamuoeng ba
Babylona e Moholo
Moholo ka nakoana ho qala ka 1918. MolulaQhooa oa March 15, 1992 o ile oa re, feela joalokaha Baiseraele ba ile ba isoa botlamuoeng Babylona, bahlanka ba Jehova le bona ba ile ba e-ba
botlamuoa ba Babylona e Moholo ka 1918. Empa
ˇ hore batho ba Molimo ba bile
lipatlisiso li bontsa
botlamuoeng nako e telele pele ho 1918.
ˇ
Boprofeta bo ho Ezekiele 37:1-14 bo bontsa
hore batho ba Molimo e ne e tla ba batlamuoa le
hore hamorao ba ne ba tla lokolloa. Ezekiele o ile
a bona thota e tletseng masapo hohle. Jehova o
ile a re: “Masapo ana, ke bohle ba ntlo ea Iseraele.” (Temaneng ea 11) O ne a bua ka sechaba sa
Iseraele le ka “Iseraele ea Molimo,” e leng batlotsuoa. (Bagalata 6:16; Liketso 3:21) Ponong eo,
masapo a ile a boela a phela ’me ea e-ba lebothohali. Sena se hlalosa tsela eo batho ba Molimo ba
ileng ba lokolloa ka eona ho Babylona e Moholo
ˇ joang
ka 1919. Empa boprofeta boo bo bontsa
hore e bile batlamuoa ka nako e telele?
Ntlha ea pele, Ezekiele o ile a hlokomela hore
masapo a batho ba shoeleng “a omeletse haholo.”
(Ezekiele 37:2, 11) Sena se bolela hore batho bao
LILEMO TSE MAKHOLO A SENG MAKAE PELE HO 1914
Ho ile ha utloahala ‘molumo oa ho kotomana,’ ha
batho ba seng bakae ba qala ho fetolela Bibele
ka lipuo tseo batho ba ka li utloisisang
B AT L A M U O A B A B A B Y L O N A E M O H O L O
100 pele
ho mehla
ea Kreste
100 ka mor’a
mehla ea
Kreste
500
1000
1500
e ne e le khale ba shoele. Ntlha ea bobeli, Ezekiele o ile a lemoha hore bafu ha ba tsohe hang-hang,
empa ba tsoha butle-butle. O ile a utloa molumo
oa ‘ho kotomana, eaba masapo a qala ho atamelana.’ A ntan’o bona ho “hlaha mesifa le nama.”
’Me letlalo la qala ho koahela nama. Hamorao
‘phefumoloho ea qala ho kena ho ’ona, ’me masapo a qala ho phela.’ Qetellong, ha bafu bao ba se
ba tsositsoe, Jehova o ile a ba fa naha eo ba tla
lula ho eona. Ho ile ha nka nako hore tsena tsohle li etsahale.—Ezekiele 37:7-10, 14.
Feela joalokaha boprofeta bo ne bo boletse,
Baiseraele ba ile ba isoa botlamuoeng ka nako e
telele. Ba ile ba isoa botlamuoeng ka selemo sa
740 pele ho mehla ea Kreste, ha meleko e leshome ea ’muso o ka leboea oa Iseraele e ne e lelekoa
naheng ea habo eona. Hamorao ka selemo sa 607
pele ho mehla ea Kreste, Bababylona ba ile ba timetsa Jerusalema, ’me meloko e ’meli ea ’muso o
ka boroa oa Juda le eona ea lelekoa naheng ea
habo eona. Joale ka selemo sa 537 pele ho mehla
ea Kreste, Baiseraele ba ile ba lokolloa botlamuoeng ’me Bajuda ba seng bakae ba khutlela Jerusalema ho ea tsosolosa tempele le borapeli ba
Jehova.
ˇ hore e tlameha ebe BaLintlha tsena li bontsa
KA BO-1870
Bakreste ba
seng bakae ba
ile ba qala ho
ithuta Bibele
kreste ba tlotsitsoeng e bile batlamuoa ba Babylona e Moholo ka nako e telele, eseng feela ho tloha ka 1918 ho isa ho 1919. Jesu le eena o ne a bua
ka nako ena e telele ha a re mofoka, e leng Bakre¯ hammoho le koro, e leng
ste ba bohata, o tla hola
“bara ba ’muso.” (Matheu 13:36-43) Ka nako eo
ho ne ho e-na le Bakreste ba seng bakae feela ba
’nete. Ba bangata ba neng ba ipitsa Bakreste ba ile
ba amohela lithuto tsa bohata ’me ea e-ba bakoenehi. Ke kahoo re ka reng phutheho ea Bokreste
e ne e le botlamuoeng ba Babylona e Moholo. E
qalile ho ba botlamuoeng nakoana ka mor’a selemo sa 100 ’me ea tsoela pele e le botlamuoeng ho
fihlela ha tempele ea Molimo ea moea e hloekisoa
nakong ea bofelo.—Liketso 20:29, 30; 2 Bathesalonika 2:3, 6; 1 Johanne 2:18, 19.
Ho theosa le lilemo tseo tse makholo, baetapele ba likereke le bo-ralipolotiki ba ne ba batla
ho laola batho. Ka mohlala, batho ba ne ba sa lumelloa ho ba le Bibele kapa ho e bala ka puo eo
ba e ka utloisisang. Batho ba bang ba neng ba bala
Bibele ba ile ba chesetsoa thupeng. ’Me ba neng
ba hanyetsa baeta-pele ba likereke ba ne ba fuoa
kotlo e boima. Ho ne ho le thata hore batho ba
ithute Bibele kapa hona ho e ruta ba bang.
Pono ea Ezekiele e boetse e re ruta hore batho
1919—KAJENO
Batho ba Molimo ba lokolloa
botlamuoeng, ’me baa tsosoa
BATLAMUOA BA BABYLONA
E MOHOLO
1850
1900
1950
2000
ba Molimo ba ile ba tsosoa, ’me ba lokolloa bolumeling ba bohata butle-butle. See se qalile ho
etsahala neng, hona joang? Ponong eo, ho buuoa
ka molumo oa “ho kotomana.” Molumo ona o qalile ho ba teng lilemong tse seng kae tse makholo
pele ho nako ea bofelo. Lilemong tseo, ho ne ho
ˇ
e-na le batho ba tsepahalang
ba neng ba batla ho
tseba ’nete ea Bibele le ho sebeletsa Molimo, le
hoja ba ne ba pota-potiloe ke lithuto tsa bohata.
Ba ile ba ithuta Bibele ’me ba etsa sohle seo ba ka
se khonang ho bolella ba bang seo ba ithutileng
sona. Ba bang ba ile ba sebetsa ka thata ho fetolela Bibele ka lipuo tseo batho ba ka li utloisisang.
Joale ka bo-1870, ho ile ha e-ba joalokaha eka
nama le letlalo li koahela masapo. Charles Taze
Russell le metsoalle ea hae ba ile ba sebetsa ka
thata ho ithuta ’nete ea Bibele ’me ba sebeletsa
Jehova. Ba ile ba sebelisa Zion’s Watch Tower le lingoliloeng tse ling ho thusa ba bang ho utloisisa
’nete ea Bibele. Ha nako e ntse e ea, “Photo-Drama of Creation” ea 1914 le buka ea The Finished
Mystery e hatisitsoeng ka 1917 li ile tsa matlafatsa
tumelo ea batho ba Jehova. Qetellong, ka 1919,
ho ile ha e-ba joalokaha eka ba tsositsoe bafung
’me ba fuoe le naha e ncha. Ho tloha ka nako eo,
ˇ
ˇ
ba nang le tsepo
ea ho phela lefatseng
ka ho sa feleng ba ile ba ikopanya le batlotsuoa. Ba rapela
Jehova hammoho, ’me ba etsa “lebotho le leholo la sesole.”—Ezekiele 37:10; Zakaria 8:20-23.1
—Sheba naletsana.
Kahoo, ho hlakile hore batho ba Molimo ba bile
botlamuoeng ba Babylona e Moholo ka mor’a selemo sa 100. Ba bangata ba ile ba fetoha bakoenehi ka nako eo, ba amohela lithuto tsa bolumeli
ba bohata ’me ba furalla ’nete ea Bibele. Ka lilemo tse ngata ho ne ho le thata ho sebeletsa Jehova, feela joaloka Baiseraele ha ba ne ba le botlamuoeng. Empa kajeno ’nete ea Bibele e boleloa
ho batho bohle. Ruri rea thaba hore ebe re phela
nakong eo “ba nang le temohisiso ba tla khanya”!
Hona joale ba bangata baa “itlhoekisa” ’me ba
amohela borapeli ba ’nete!—Daniele 12:3, 10.
ˇ
1 Ezekiele 37:1-14 le Tsenolo 11:7-12 li bua ka se ileng sa etsahala ka 1919. Boprofeta bo ho Ezekiele 37:1-14 bo bua ka batho
bohle ba Molimo ba ileng ba khutlela borapeling ba ’nete ka
ˇ
1919, ka mor’a ho ba botlamuoeng ka nako e telele. Empa Tse¯
nolo 11:7-12 e bua ka ho tsosolosoa ha barab’abo rona ba seng
bakae ka 1919 ba neng ba etella pele batho ba Molimo. Bara
¯
bao babo rona ba ne ba qetile nako ba thibetsoe ho sebetsa.
LIPOTSO TSE TSOANG HO BABALI
Ha Satane a leka Jesu, na o ile a hla a mo isa tempeleng,
ˇ eona ponong?
kapa o ile a mo bontsa
ˇ
ˇ Ha re tsebe hantle hore na Satane o ile a bontsa
Jesu tempele joang.
Bangoli ba Bibele, e leng Matheu le Luka ba
ngotse se ileng sa etsahala. Matheu o re, ‘Diabolose o ile a tsamaea’ le Jesu ho ea Jerusalema
’me “a mo emisa holim’a tora ea tempele,” kapa
¯ ong
¯
tlhor
ea tempele. (Matheu 4:5) Luka eena o
re, Diabolose o ile “a mo isa ka har’a Jerusalema ’me a mo emisa holim’a tora ea tempele.”
—Luka 4:9.
¯
Nakong ea ho feta, lingoliloeng tsa rona
li ile
tsa re Satane ha aa ka a fela a isa Jesu tempeleng
ha a ne a mo leka. Molula-Qhooa oa March 1,
1961, o bapisa sena le nakong eo Satane a neng a
ˇ mebuso ea lefatse
ˇ a le
leka Jesu ka ho mo bontsa
¯
¯
tlhorong ea thaba. O ile oa re ha ho na thaba e
phahameng hoo motho a ka bonang mebuso eoˇ a le tlhor
¯ ong
¯
hle ea lefatse
ea eona. MolulaQhooa oo o ile oa re le tabeng ea tempele, mohlomong Satane ha aa ka a isa Jesu ho eona
MARCH 2016
31
s
n
o
U ka kopitsa makasine
ena le lingoliloeng tse
ling mahala
p
moo, ho theohela Phuleng ea Kidrone e ka ba limithara tse 140. Rahistori e mong ea bitsoang
Josephus o ile a re, sebaka seo se ne se phahame
ˇ a le ho sona, a
hoo ha motho a ne a sheba fatse
neng “a ka tsekela.” Le hoja Jesu e ne e se Mole¯
vi, o ne a ka ema moo ’me o ne a tla be a sa tlole molao.
Jesu o ile a fihla joang tempeleng e Jerusalema, empa a ne a le lefeelleng? Ha re na bonnete
ba seo. Bibele e re feela Satane o ile a isa Jesu Jerusalema. Ha e bolele hore na Jesu o ne a
¯ hakae le Jerusalema kapa hore na Satane
le hole
o ile a mo leka nako e kae. Kahoo, ho ka etsahala hore Jesu o ile a ea Jerusalema, le hoja e ka
’na eaba e bile leeto le lelelele.
ˇ Jesu “meE ka ’na eaba Satane o ile a bontsa
ˇ
buso eohle ea lefatse” ponong, kaha ho ke ke ha
khoneha hore motho a bone mebuso eohle a le
ˇ
thabeng efe kapa efe. Sena se ka ’na sa tsoana
le
ˇ
ˇ
ˇ
ha re bontsa motho ka video litsoantso tsa likaˇ E ka ’na eaba Satane o ile
rolo tse ling tsa lefatse.
a sebelisa pono, empa ha e le hantle o ne a batla
hore Jesu a mo khumamele le ho mo rapela.
(Matheu 4:8, 9) Ka hona ha Satane a isa Jesu tempeleng, ho ka etsahala hore o ne a batla hore a
ˇ
behe bophelo ba hae kotsing ka ho itihela fatse.
Empa Jesu o ile a hana. Na ho isa Jesu tempeleng ho ne ho ke ke ha mo leka haholoanyane ho
feta ha Satane a ne a ka mo leka ponong?
Kahoo, ho ka etsahala hore Jesu o ile a fela a
¯ ong
¯
ea Jerusalema ’me a ema tlhor
ea tempele.
Empa feela joalokaha re boletse qalong, ha re
ˇ Jesu
tsebe hantle hore na Satane o ile a bontsa
tempele joang. Leha ho le joalo, re kholisehile
hore Satane o ile a phehella Jesu hore a etse
ntho e fosahetseng, ’me nako le nako Jesu o ile
a hana a tiile.
U ka boela ua bala
ˇ
Phetolelo ea Lefatse le
Lecha Inthaneteng
Kena ho
www.jw.org/st,
kapa u skene
ˇ
letsoao lena
w16.03-SU
151119
ka ho toba. Empa hamorao lihlooho tse ling tsa
Molula-Qhooa li ile tsa re, hoja ebe Jesu o ile a itiˇ a le tlhor
¯ ong
¯
hela fatse
ea tempele a ka be a ile a
shoa.
Batho ba bang ba re kaha Jesu e ne e se Moleˇ
vi, o ne a sa tsoanelehe
ho ema holim’a sehalalelo sa tempele. Kahoo, ba re e tlameha ebe Satane o ile a mo leka ponong. Lilemo tse makholo
pele ho moo, Ezekiele le eena o ile a isoa tempeleng ka pono.—Ezekiele 8:3, 7-10; 11:1, 24; 37:
1, 2.
Empa haeba Jesu o ile a isoa tempeleng ka
pono, batho ba bang ba ka ipotsa:
ˇ
ˇ Na Jesu o ne a tla lekeha hore a itihele fatse?
ˇ Ka lekhetlo le leng Satane o ile a leka Jesu,
a re a fetole majoe bohobe ’me ka le leng a
re a mo khumamele. Kahoo, na ho ka etsahala hore Satane o ne a hlile a batla hore
ˇ a le tlhor
¯ ong
¯
Jesu a itihele fatse
ea tempele?
Empa haeba Satane ha aa ka a isa Jesu tempeleng ka pono, batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa:
¯ molao ka hore a eme ka
ˇ Na Jesu o ile a tlola
holim’a sehalalelo sa tempele?
ˇ Jesu o ile a fihla joang tempeleng e Jerusalema, empa a ne a le lefeelleng?
A re ke re hlahlobeng lintlha tse eketsehileng tse tla re thusa ho araba lipotso tsena tse
peli.
Moprofesa D. A. Carson o re lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “tempele” ho Matheu le ho
Luka mohlomong le ne le akaretsa sebaka sohle
sa tempele, eseng sehalalelo feela, e leng moo ho
neng ho kena Balevi feela. Karolo e ka boroa-bochabela ea tempele e ne e e-na le marulelo a bataletseng ebile e le eona e phahameng ka ho fetisisa. E ka ’na eaba Jesu o ile a isoa teng. Ha u le