Sesotho - Bonsmara SA

Download Report

Transcript Sesotho - Bonsmara SA

SeSOTHO
051 448 6084
[email protected]
www.bonsmara.co.za
Mokgwatsamaiso
ya Bonsmara
mofuta wa
kgomo o etsang tsohle!
Bonsmara,
D
ikgomo tsa Bonsmara ke mofuta
o ikgethileng lefatshe ka hohle o
sebediswang bakeng sa ho fumana
nama oo tswalo ya ona e hatisitsweng
ka thuso ya tsebo e bokelleditsweng. Diteko di
etswa hape ka ho lekola dikgomo ka ho di bohela
hore di sebetsa jwang.
1
Dikgomo tsa Bonsmara di qadile ho etswa diteisheneng tsa
dipatlisiso tsa Mara le Messina pakeng tsa 1937 ho fihla 1963 ke
boramahlale ka tlasa tsamaiso ya Moporofesa Jan Bonsma. Lebitso
la Bonsmara le ile la rehellwa ka seboko sa Moporofesa Bonsmara le
Mara, e leng sebaka seo mefuta e fapaneng ya dikgomo e ileng ya
qala ho etswa teng kgetlo la pele. Moporofesa Bonsma le basebetsi
mooho ba hae ba ne ba hlotse ba etsa diteko tsa ho etsa dikgomo
tsa mofuta o mong ka ho kopanya mefuta e fapaneng ya dikgomo
ka ho sebedisa mehlape e 20 dibakeng tse fapaneng tsa Aforika
Borwa, ho re batle ba fihlelle mofuta o tswileng pele wa dikgomo
ho ka etsa mofuta o motjha wa mohlape, 5/8 Afrikaner le 3/8 Exotic
Hereford/Shorthorn.
Mofuta wa pele wa dipoho tsa Bonsmara o ile wa qala ho fumaneha
ho barekisi ba dikgomo ka dilemo tsa 1950’s, ka pele pele tsa qala
ho phatlalla le naha ya Aforika Borwa, le lefatshe ka bophara. Hona
ho ile ha etsa hore ho thonngwe mokgatlo wa barui ba dikgomo tsa
Bonsmara oo o ile wa bitswa Bonsmara Breeders Society ka selemo sa
1964. Dinaha tsa Aforika tse ileng tsa amohela mofuta wa Bonsmara
ke Namibia, Uganda, Zimbabwe, Botswana le Zambia mmoho le
dinaha tseo kgwebo tsa tsona di itshetlehileng ho nama ya dikgomo
tse latelang; Australia, Brazil, Paraguay, Colombia, USA le Uruguay.
Ho kgetha dikgomo tsa Bonsmara bakeng sa kgwebo ho ntse ho
itshetlehile haholo ho bokgoni ba ho ba le manamane, ho kgona ho
ntsa lebese, kgolo le ho kgona ho dula tikolohong eo di iphumanang
di le ho yona. Ho na ke sesupo sa hore dikgomo tsa Bonsmara di matla
ka ho fetisisa ebile ke dikgomo tse hlokometsweng hantle haholo
Aforika Borwa. Ho na le mehlape e fetang 120 000 e ngodisitsweng
ya dikgomo tsena tsa Bonsmara naheng ya Aforika Borwa.
Poho ya Bonsmara e
ngodisitswe ke SA Studbook
lekotswe bokgoni ke SA Studbook
ya tjhaelwa monwana ke Bahlahlobi ba Bonsmara
ya tshwauwa ka a lehetleng le letona
Reka dipoho tse tshwauweng tsa
Bonsmara!!
Bonsmara ke mohlape wa pele wa nama ya
kgomo o dumelletsehang ho ingodisa jwalo ka
sehlahiswa seo Aforika Borwa e ikotlang sefuba
ka sona.
2
Tshobotsi le
semelo sa Bonsmara
Ho ikamahanya le naha
Ho kgona ho phela hantle nakong eo e seng naheng. Bonsmara
ke mofuta wa pele wa mohlape wa holekola dikgomo ka
tlhahiso ya tsona. Dikgomo tsa Bonsmara di hlahlojwa ka
nako eo di qalang ho ba le bokgoni ba ho tswala mme tse sa
bontsheng di kgona ho phela naheng di qhelelwa ka thoko.
Mehlape ya Bonsmara e kgonneng ho
ikamahantsha le maemo e bonahala ka:
Seaparo se boreledi nakong ya lehlabula
Mahlo, matswele le ditlhako tse mmala o kgahlisang
Sebopeho se matla
Maoto a tiileng
Phoofolo e fe kapa e fe e sa bopehang hantle kapa e sa sebetseng
hantle e qhelelwa ka thoko.
Bokgoni ba ho ba mme • Sepheto sa ho kgetha
dikgomo ka hloko ho etsa hore manamane a tswalwe a
sa tswallwe naheng mme ho na ha ho battle tjhelete e
ngata. Ka tlase mona ke boiphihlelo boo Bonsmara bo
tshwanelang hoba le bona ho ka tswala manamane:
Ho kena boholong ka pele – Bonsmara di hola ka pele, di qala
ho tswala ka nako ya dikgwedi tse 12-18 di tswetswe.
Ho tswala ha bobebe – Bonsmara di
tsebahala ka ho tswala ha bobebe,
3
hoo e leng boleng ba ho etsa mofuta o tjha wa makgamo ka ho
tswakanya mefuta e fepaneng.
Ho hamea hantle – ka lebaka lena, manamane a tlohela o any
aka bongata.
Palo e tlase yah o timela – manamane a kgona ho qoba mafu a
bakwang ke mokgasa.
Tema ya Bonsmara
Ntshetsopele le tshebediso ya mokgwatshebetso ya Bonsmara ka
dilemo tse fetileng ho thontse mohlape ona hoba o itlhommeng
pele. Kajeno mohlape ona o bapala karolo e bohlokwa ho:
Mofuta o sa tswakwang
Bonsmara e tshwareha hantle maemong a Aforika Borwa.
Maikemisetso a ho hodisa mohlape o sa tswakwang hoya ka
mokgalo o bitswang Bonsmara Cattle Breeders Society, ke ho
kgotsofatsa ditlhoko tsa bo rakgwebo ba mehlape. Bonsmara
e etella pele mefuta e meng ya dikgomo ka ho kgona ho phela
tikolohong tsohle ka ho sebedisa mahlale ha di kgethuwa.
Ho etsa mefuta e metjha ya dikgomo
ka ho kopanya mefuta e fananeng
Dipoho tsa Bonsmara di kgona hoba le manamane ka katleho le
mefuta e meng ya dikgomo. Barui ba dipoho tsa Bonsmara ba
keke ba lahlehelwa kamora ho sebedisa dipoho tsa bona ho etsa
manamane a matjha kgetlo la pele. hantle, Bonsmara ke mohlape
o iketseditsweng o sebetsang hantle mananeong a ho hlahisa
manamane a mefuta e tswakilweng ya dikgomo.
Phetiso ya phepo ka sepheo sa ho
nontsha mehlape
Bonsmara e itshupile pele ka ho tsebahala jwalo ka mohlape o
loketseng mmaraka wa monontsho. Ho nontsha mohlape ona ho
boloka tjhelete haholo, boitshwaro ba dikgomo tsena bo loketse
maemo a ho nontshwa ka hoo hona ho etsa nama ya tsona e be e
nolofetseng hape e be ya maemo a hodimo.
Hlohlomiso ya Bonsmara
Hlohlomiso ya Bonsmara e ikgethile le phetahatso e bohale
ya basebetsi ba tsebgang mosebetsi wa bona ho na le seabo
4
boemong boo mohlape ona bo leng ho bona mmarakeng wa
nama ya dikgomo.
Hlohlomiso e itshetlehile hodima
mabaka ana a mane:
Digene – ho ba le digene tse ngata;
Metjhini e sebetsang ha ntle – e sebediswang ho hlopha digene;
Phehisano mmarakeng – bakeng sa moralo wa thekiso o
tswelang pele;
Basebetsi ba kgothetseng – ba hlophisang dintlha tsa ho
tswadisa.
Digene
Hlohlomiso ya lenane
Dikgomo tse hlophilweng ka hlooko di bohlokwa bakeng sa
motheo wa digene tse tswang ho dikgomo tse theko e tlase.
Dikgomo tsena di kgethwa ke bahlahlobi ba Bonsmara ho
latela bonyane ba maemo a hlokahalang. Dikgomo tsena di
kopanywa le dipoho tsa Bonsmara tsa S.P tse ngodisitsweng.
E ngodisitswe ka botlalo – (SP)
Lenane B e tshehadi X e sa kopanywang le mofuta o mong wa
kgomo (SP)
Lenane A e tshehadi X e sa kopanywang le mofuta o mong wa
kgomo (SP)
Kgomo ya motheo X e sa kopanywang le mofuta o mong wa
kgomo (SP))
Mohlape o moholo wa dikgomo
Palo e kgolo e bohlokwa haholo bakeng sa ntshetso pele ya
mohlape. Ntshetso pele ya digene e tlase mehlapeng e palo e
tlase. Ka lebaka lena ho hlokahala bonyenyane ba dikgomo tse
20 ho ka hlahisa Bonsmara.
5
Dikgomo tsa Bonsmara di nale palo e hodimo ya mehlape ha di
bapiswa le mehlape e meng Aforika Borwa.
Palo ya dikgomo
Kgolo ya palo ya dikgomo e nehelana ka morolo ho mohlape
ebile e eketsa palo ya tsona e leng ntho e etsang hore ho
kgethwa ha dikgomo ho be bohale haholo.
Matla a poho a kgethuweng
Dipoho tsa Bonsmara di taolong ya mohato wa C le/kapa D
bakeng sa ho hlahloba ho hola ha tsona ka palo e hodimo.
Tshebediso ya dikgomo tsena tse kgethilweng e nthsetsa pele
kgolo le phepo ya mehlape ya kgwebo.
Ho imisa dikgomo ka maiketsetso
Mokgatlo o tsamaisang mokgwa wa ho imisa dikgomo ka
maiketsetso ha dikgomo tsa Bonsmara o latela mekgwa e
boletsweng ke “Livestock Improvement Act of 1998”. Digene tse
ngata di fumaneha dipohong tse amohetsweng tse entsweng
ka mokgwa wa ho imisa dikgomo ka maiketsetso. Dipoho
tsohle tse entsweng ka mokgwa wa ho imisa ka maiketsetso di
tshwanela ho ipapisa le bonyane ba maemo a hlokahalang, di
amohelwa ke mokgatlo o bitswang Breed Societies’ AI – komiti
le bahlahlobi ba baholo ba mehlape.
6
Metjhini
Leano la ho tswadisa ka mahlale
Maemo a ho tswadisa - Bukana e felletseng e nang le bonyane
ba maemo a ho tswadisa e a fumaneha ha o etsa kopo ya ho e
fumantshwa.
Mmaraka
Thekiso
Dithekiso tse tlasa tataiso ya mokgatlo di hlophiswa ke
dihlopha le barui ba ikgethileng. Diphoofolo tsohle di lekolwa
ka tjhebo ya mahlo ke bahlahlobi ba mokgatlo mme le tsebo e
bokelletsweng e ka mananetheko a amohetsweng ke kantoro.
Dihlopha
Dihlopha di tsamaisa dithekiso tse tlwaelehileng, di fana ka
kwetliso le ho tsamaisa matsatsi a ho fana ka lesedi le ho etsa
mesebetsi e meng hape dikarolong tse robong tsa naha. Barui
ba mehlape e sa etswang ka ho tswaka mefuta ya dikgomo le
eo dikgomo tsa bona di ruetsweng ho rekiswa mebarakeng ba
kgothalletswa ho kenela sehlopa se tikolohong ya bona.
Barui ba dikgomo ba ikemiseditseng
Tsamaiso ya hlohlomiso ya Bonsmara e itshetlehile haholo
hodima barui ba dikgomo ba ikemiseditseng.
Moya wa
tshebedisano mmoho o teng hara mokgatlo wa Bonsmara o
etswa ke ho latelang:
Tabatabelo e tshwanang – ho ya ka tlhaiso ya nama ya kgomo.
Mohopolo ke ho boloka mohlape o tsamaisanang le ditlhoko
tsa mmaraka wa thekiso ya nama ya kgomo.
Thuto – ho ipapisa le dintshetso pele. Mananeo a thuto a
thusang ka ntshetso pele ya mehlape e tswetseng pele a
tsamaya ka mokgwa o latelang:
• Matsatsi a Bonsmara – a hlophiswang ke dihlopha tsa
mabatowa.
• Dithuto tsa bahlahlobi ho fumana boiphihlelo.
• Dikopano tsa selemo ho ipapisa le dintshetso pele tsa mahlale.
• Meralo ya ho nahana, e kenyelletsang boramahlale ba
digene, boramahlale ba diphoofolo mmoho le ditsebi
tsa diphoofolo ho hlahloba mohlape le ho etsa qeto ka
mokgwa a tshwanelang ho latelwa.
• Makgotla a barui ba dikgomo ho boloka maemo le ho
eketsa tsebo.
7
O ba karolo ya mokgatlo wa barui ba
dikgomo tsa Bonsmara jwang:
Diforomo tsa ho etsa kopo ya boingodiso di fumaneha ho tswa
ho mokgatlo.
Diteko tsa tshebetso di bohlokwa hore o amohelwe hoba setho
sa Bonsmara Breeders society.
Mefuta e 20 ya dikgomo tse tshehadi di a hlokahala ho qala
mohlape. Kopo ya boingodiso e tshwanetse e etswe ho lekola
diphoofolo tse sa dumellwang tse amehang.
Diforomo tsa kopo ya boingodiso tse tlatsitsweng ka botlalo di
tshwanetse ho romelwa dikantorong tsa Bonsmara mmoho le:
Mmapa o bontshang mmila o moholo o haufinyana o
lebileng polasing, le tlhalosetso ya sebaka pakeng tsa dibaka.
Mabitso a tsheletseng ao a tla sebediswa jwalo ka
dihlongwapele tsa mabitso ao mohlape wa hao o tla
ngidoswang ka ona, le ditlhaku tse tharo tseo di tlang ho
sebediswa jwalo ka letshwao le kgethang mohlape wa hao.
Tjheke e lekaneng ditefello tsohle tse hlokahalang.
Lesedi le felletseng mabapi le ho rua mohlape wa Bonsmara
kapa hoba setho le a fumaneha ha o etsa kopo ya ho le
fumantshwa.
Bakeng sa lesedi mabapi le Bonsmara kapa ho ba
setho sa mokgatlo, o kopuwa ho ikopanya le rona
mona:
Mohala: 051 448 6084 | Fekese: 051 448 6327
Aterese ya emaili: [email protected]
www.bonsmara.co.za
Ofisi ya Bonsmara SA e fumaneha
S.A Stud Book Building
118 Henry Street
Bloemfontein
P.O. Box 12051
Brandhof
9324
8